Ba iketsetsa ditshwantsho le diashera maralleng wohle a phahameng, le tlasa difate tsohle tse tala.
Mikea 5:14 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke tla fothola diashera tse ho wena, ke timetse metse ya hao; BIBELE Tshiya tsa lona tsa Ashera ke tla di koqola, le metse ya lona ke e heletse. |
Ba iketsetsa ditshwantsho le diashera maralleng wohle a phahameng, le tlasa difate tsohle tse tala.
ho phetha ho bona kahlolo e ngodilweng. Ke yona kganya e boloketsweng bakgethwa ba hae kaofela. Bokang Jehova!
Le mpe le qhaqhe dialetare tsa bona, le robake ditshwantsho tsa bona, le tlose diashera tsa bona;
Ha a sa tla hlola a sheba dialetare, tseo e leng mosebetsi wa matsoho a hae, mme ha a sa tla hlola a tadima ho tseo a di bopileng ka menwana ya hae, leha e le diashera, leha e le ditshwantsho tsa letsatsi.
Ka mokgwa o jwalo, sebe sa Jakobo se lefetswe; ke ena tholwana ya tshwarelo ya sebe sa hae: Jehova o entse majwe kaofela a dialetare jwaloka majwe a kalaka a besitsweng, a silakantsweng, hore diashera le ditshwantsho tsa letsatsi di se ke tsa hlola di tsoswa.
Empa ekare ha ba sa utlwe, setjhaba seo ke tla se epolla, ke be ke se epolle, ke se timeletse, ho bolela Jehova.
Morena o ripitlile meaho kaofela ya Jakobo, a sa qenehele letho; ka bohale bo tukang ba hae a ripitla metse e marako ya moradi wa Juda, a e dihela fatshe, a senya mmuso le marena a wona.
Haele wena, Ninive, Jehova o laetse, a re: Lebitso la hao ha le sa tla itswala. Tlung ya medimo ya hao ke tla tlosa setshwantsho se betlilweng le se tsholotsweng, mme ke tla o lokisetsa lebitla, hobane o lefeela.