Lefatshe la lona ke nahathothe, metse ya lona e tjhesitswe ka mollo, baditjhaba ba jesa masimo a lona mahlong a lona; tshenyo eo e jwaloka ya naha e sentsweng ke dira.
Mikea 5:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) ke tla timetsa metse ya lefatshe la hao, ke qhaqholle diqhobosheane tsa hao kaofela; BIBELE Ke tla heletsa metse ya naha ya lona, ke qhaqhe qhobosheane tsohle tsa lona. |
Lefatshe la lona ke nahathothe, metse ya lona e tjhesitswe ka mollo, baditjhaba ba jesa masimo a lona mahlong a lona; tshenyo eo e jwaloka ya naha e sentsweng ke dira.
Efela o furaletse tjhaba sa hao, e leng ntlo ya Jakobo, hobane se tletse mekgwa ya ba Botjhabela; ke dinohe jwaloka Bafilesta, ba neelana matsoho le bana ba baditjhaba.
Ka mokgwa o jwalo, sebe sa Jakobo se lefetswe; ke ena tholwana ya tshwarelo ya sebe sa hae: Jehova o entse majwe kaofela a dialetare jwaloka majwe a kalaka a besitsweng, a silakantsweng, hore diashera le ditshwantsho tsa letsatsi di se ke tsa hlola di tsoswa.
Yaba ke re: Ho fihlela neng, Morena? A re: Ho fihlela metse e heleha, e hloka baahi, le matlo a hloka batho, le naha e senyeha, e eba lesupi;
Morena o ripitlile meaho kaofela ya Jakobo, a sa qenehele letho; ka bohale bo tukang ba hae a ripitla metse e marako ya moradi wa Juda, a e dihela fatshe, a senya mmuso le marena a wona.
o re: Ke tla futuhela lefatshe leno le ahlameng, ke nehelle bathong bano ba phelang ka kgotso, ba ahileng ba iketlile, ba dutseng ho se marako, ho se mekwallo le mamati.
Ntwa e moferefere e tla hlahela setjhaba sa hao, diqhobosheane tsa hao di fediswe kaofela, jwalokaha Shalmane a fedisitse Bethe-Arbele mohla ntwa, ha bana ba pshatlanngwa hammoho le bomma bona.
Yaba o mpolella, a re: Ke lentswe la Jehova ho Sorababele, le reng: Hase ka matla le ka borena, empa e le ka moya wa ka, ho bolela Jehova wa makgotla!