Jeremia a etsa pina ya malla hodima Josiase; le tsona dibini tsa banna le tsa basadi di nnile tsa bolela tsa Josiase dipineng tsa tsona tsa dillo ho fihlela kajeno, tsa etsa dipina tsena mokgwa o tiileng Iseraeleng. Bonang, taba tseo di ngodilwe bukeng ya kodi ya malla.
O fehelwe o ntse o kgutsitse; o se ke wa etsa bofifi ba bafu; o nne o rwale moqhaka, o rwale le dieta tsa hao maotong, o se ke wa kwahela ditedu tsa hao, mme o se ke wa ja bohobe ba bofifi.
Ba tshwana le bana ba dutseng lepatlelong, ba howanang, ba re: Re le teetse phala, mme ha le a ka la etsa tjhao; re le binetse mahlomola, mme ha le a ka la lla.
Yaba Petrose o tloha, a tla le bona. Yare ha a fihla, ba mo isa phaposing e kahodimo; basadi ba bahlolohadi kaofela ba itlhahisa pela hae, ba ntse ba lla, ba mmontsha mese le diaparo tseo Dorkase a neng a ba etsetsa tsona, ha a sa na le bona.
Mme mantswe a ba tidinyang diharepa, le a ba letsang dithomo, le a ba diphala, le a ba diterompeta, ha a sa tla hlola a utlwahala ha hao; mme ha ho sa tla hlola ho fumanwa ha hao motho ya sebetsang mosebetsi ofe le ofe, leha e le modumo wa lelwala ha o sa tla hlola o utlwahala ha hao.