Bafarisi, ha ba bona hoo, ba re ho barutuwa ba hae: Na moruti wa lona o jelang le balekgetho le baetsadibe?
Mattheu 9:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yare ha a dutse dijong tlung, balekgetho ba bangata le baetsadibe ba kena, ba dula dijong le Jesu le barutuwa ba hae. BIBELE Eitse ha Jesu a le dijong ka tlung, balekgetho le baetsadibe ba bangata ba ja le yena le barutuwa ba hae. Baasraak Sotho NT Yare ha Jesu a dutse dijong ka tlung, balekgetho ba bangata le baetsadibe ba tla, ba dula le yena le barutuwa ba hae. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ha Jesu a dutse dijong ka tlung, balekgetho ba bangata le baetsadibe ba tla, ba dula le yena le barutuwa ba hae. |
Bafarisi, ha ba bona hoo, ba re ho barutuwa ba hae: Na moruti wa lona o jelang le balekgetho le baetsadibe?
Jesu ha a tloha teng, a bona motho ya bitswang Mattheu, a dutse pela ntlo ya lekgetho; yaba o re ho yena: Ntatele. Mattheu a ema, a mo latela.
Re a tseba hobane Modimo ha o utlwe baetsadibe; empa ekare ha e mong a hlonepha Modimo, a etsa thato ya wona, o ye o mo utlwe.