Yaba Elisha o tlohela dipholo, a titimela ho Elia, a re: Ha nke ke ye ho aka ntate le mme, ke ntoo o latela. Yena a re: Eya, o be o boye; o bone ha ke o entseng?
Mattheu 8:22 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Jesu a re ho yena: Ntatele, o lese bafu ba epele bafu ba bona. BIBELE Jesu a re ho yena: “Ntatele, lesa bafu ba pate bafu ba bona.” Baasraak Sotho NT Jesu a re ho yena: Ntatele; mme o lese bafu ba epele bafu ba bona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a re ho yena: Ntatele; mme o lese bafu ba epele bafu ba bona. |
Yaba Elisha o tlohela dipholo, a titimela ho Elia, a re: Ha nke ke ye ho aka ntate le mme, ke ntoo o latela. Yena a re: Eya, o be o boye; o bone ha ke o entseng?
Jesu ha a tloha teng, a bona motho ya bitswang Mattheu, a dutse pela ntlo ya lekgetho; yaba o re ho yena: Ntatele. Mattheu a ema, a mo latela.
Eitse ha a iphetela, a bona Levi, mora Alfea, a dutse pela ntlo ya lekgetho; a re ho yena; Ntatele. Yaba Levi o ema, a mo latela.
Hobane mora enwa wa ka o ne a shwele, mme jwale o boetse o pholohile; o ne a lahlehile, mme jwale o boetse o fumanwe. Mme ba qala ho nyakalla.
Empa re ne re tshwanetse ho nyakalla le ho thaba, hobane enwa, ngwaneno, o na be a shwele, mme o bile o pholohile; o na be a lahlehile, mme o bile o fumanwe.
A re ho e mong: Ntatele. Empa eo a re: Morena, ako ntumelle, ke ye ho epela ntate pele.
Jesu a re ho yena: Lesa bafu ba epele bafu ba bona; haele wena, eya bolela mmuso wa Modimo.
A mo isa ho Jesu. Jesu ha a mo tadima, a re: O Simone, mora Jona: o tla bitswa Kefase — ke ho re, Petrose, ha ho fetolwa.
O ne a rialo a lekanya mofuta wa lefu leo Petrose a tla tlotlisa Modimo ka lona. Yare hobane Jesu a bolele tseo, a re ho yena: Ntatele!
Jesu a re ho yena: Ekare ha ke rata hore a dule ke be ke tle, e ka ba eng ho wena? Wena, ntatele.
ha re ne re itjhweletse melatong ya rona, o re pholositse hammoho ho Kreste (hobane le bolokehile ke mohau),
Ke ka baka leo ho itsweng: Tsoha, wena morobadi, tloha hara bafu, mme Kreste o tla o bonesetsa.
Eitse ha le ne le sa ntse le itjhweletse dibeng tsa lona le ho se bolleng ha nama ya lona, o le phedisitse hammoho le yena, ka ho le tshwarela ditlolo tsohle;