Mattheu 7:26 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa e mong le e mong ya mamelang dipolelo tseo tsa ka, mme a sa etse ka tsona, a ka tshwantshwa ka monna ya lewatla, ya hahileng ntlo ya hae lehlabatheng; BIBELE Athe mang le mang ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, a sa di phethe, o tla tshwantshwa le motho ya sethoto, ya ileng a haha ntlo ya hae lehlabatheng. Baasraak Sotho NT E mong le e mong ya utlwang dipolelo tseo tsa ka, mme a sa di etse, o tla tshwantshwa le monna wa leoatla, ya ileng a haha ntlo ya hae lehlabatheng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 E mong le e mong ya utlwang dipolelo tseo tsa ka, mme a sa di etse, o tla tshwantshwa le monna wa leoatla, ya ileng a haha ntlo ya hae lehlabatheng. |
Mosadi ya bohlale o haha ntlo ya hae; empa ya se nang kutlo o e qhaqha ka matsoho a hae.
Ba bohlale ba ya hlabiswa dihlong, ba thothomele, ba tshwarwe; bonang, ba kgesitse lentswe la Jehova, ba na le bohlale bofe?
Ka baka leo, e mong le e mong ya mamelang dipolelo tseo tsa ka, mme a etsa ka tsona, nka mo tshwantsha ka monna ya bohlale, ya hahileng ntlo ya hae letlapeng;
mme pula ya theoha, phororo tsa tla, le meya ya foka, ya otla ntlo eo; mme ha e a ka ya wa, kahobane motheo wa yona o le letlapeng.
mme pula ya theoha, phororo tsa tla, le meya ya foka, ya otla ntlo eo, mme ya wa, mme ho wa ha yona ya eba ho hoholo.
Empa ya utlwang, mme a sa etse, o tshwana le motho ya hahileng ntlo ya hae hodima mobu, e se na motheo; yare ha phororo e e kgahlela, ya phakisa ya wa, mme ho senyeha ha ntlo eo ya eba ho hoholo.
Ha ho le jwalo, Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Ke fela ke boletse hore ntlo ya hao le ntlo ya ntatao e tla nne e tsamaye pela ka kamehla; empa jwale, Jehova o re: Le ho leka; hobane ba ntlotlisang, le nna ke a ba tlotlisa; haele ba nnyedisang, ba tla nyediswa.