Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 22:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Athe ba tlositswe ho eso ho be nako, boahello ba bona ba nkilwe ke morwallo;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Ba tlositswe nako ya bona e eso fihle, metheo ya bona ya hoholwa ke dikgohola;

Ver Capítulo Copiar




Jobo 22:16
19 Referencias Cruzadas  

Ka selemo sa makgolo a tsheletseng sa ho phela ha Nowe, ka kgwedi ya bobedi, ka tsatsi la leshome le metso e supileng la kgwedi, ka tsatsi leo, mehlodi ya bodiba bo boholo ya phunyeha, mme dithoba tsa lehodimo tsa thiboloha.


metsi a fata majwe, diphororo di ya le lerole la lefatshe; o senya tshepo ya motho jwalo.


Dilemo tsa hae di eso ho fele, bo tla etsahala; makala a hae ha a sa tla hlola a eba matala.


Ba qeta matsatsi a bona menyakeng, ba theohela nqalong ya bafu hanghang.


ba tle ba be jwaloka dinono tse fefolwang ke moya, leha e le jwaloka mooko o nkwang ke sefefo.


Le re: Ba babe ba feta kapele jwaloka ntho e thellang hodima metsi. Lefa la bona le rohakilwe lefatsheng; ha ba sa leba nqa dirapeng tsa merara.


Ba shwa ba sa le batjha; bophelo ba bona bo tshwana le ba dihlola.


ho jwalo hakakang ho ba ahileng matlung a letsopa, ba hlahileng leroleng, ba ka rinngwang jwaloka ditshwele!


Ke re: Modimo wa ka, o se ke wa ntlosa ke sa le mahareng a ditshiu tsa ka! Dilemo tsa hao di hlola di le teng melokong le melokong.


Hobane wena, Modimo, o tla ba dihela tlasetlase sehokong; batho bao ba madi, ba tletseng mano, ba ke ke ba phela ho fihlela lehare la matsatsi a bona. Empa nna, ke beile tshepo ya ka ho wena.


O a ba kgohola; ba jwaloka toro; hosasa, ba mela jwaloka jwang;


Ho tshaba Jehova ho atisa ditshiu, empa dilemo tsa moetsadibe di tla kgutsufatswa.


O se ke wa iketsa e mobe ka ho fetisisa, o se ke wa ipea lewatla; hobane ke ha o ne o tla shwelang, e eso ho be nako ya hao?


Bonang, Morena o ya roma sera se matla, se sa sitweng ke letho, se jwaloka sefefo sa difako, le jwaloka setsokotsane se senyang hohle, le jwaloka morwallo wa metsi a maholo a tlalang hohle; o tla dihela moqhaka oo fatshe ka matla.


mme ha o sa ka wa hauhela lefatshe la kgale, wa mpa wa boloka Nowe, mmoledi wa ho loka, e le yena wa boroba meno e le mmedi, mohla o tlisang morwallo hodima lefatshe la banyefodi;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos