O tla ntsebisa tsela ya bophelo. Kgora ya thabo e teng pela hao, le dinyakallo tse sa feleng tsohong la hao le letona.
Mattheu 7:14 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane monyako wa bophelo o patisane, le tsela e yang teng e tshesane, mme ba e fumanang ha ba bakae. BIBELE empa kgoro e isang bophelong e patisane, le tsela e yang teng e boima, mme ba e fumanang ha ba bakae.” Baasraak Sotho NT Hobane monyako wa bophelo o patisane, le tsela e isang bophelong e tshesane, mme ba e fumanang ha ba bakae. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane monyako wa bophelo o patisane, le tsela e isang bophelong e tshesane, mme ba e fumanang ha ba bakae. |
O tla ntsebisa tsela ya bophelo. Kgora ya thabo e teng pela hao, le dinyakallo tse sa feleng tsohong la hao le letona.
Ditsebe tsa hao di tla utlwa lentswe kamora hao, le reng: Tsela ke yona ena, tsamayang ho yona, esere la ya ka ho le letona, kapa ka ho le letshehadi.
Mmila o tla ba teng le tsela e bitswang tsela ya kgalalelo; ha ho motho ya ditshila ya tlang ho feta teng, e tla ba ya ba lokileng feela; ya tsamayang tseleng eo leha e le sethoto, a ke ke a lahleha.
Ho tla thwe: Batalatsang, batalatsang, le lokise tsela, le tlose dikgopiso tsohle tseleng ya setjhaba sa ka!
Ho itswe ke Jehova: Emang ditseleng le tadime, le botse ditsela tsa kgale; botsang hore na tsela e ntle ke efe? mme le tsamaye ka yona, le tle le fumanele meya ya lona phomolo. Ba mpa ba re: Ha re na ho tsamaya teng.
Kenang ka monyako o patisaneng; hobane monyako wa timelo o hebehebe, le tsela e yang teng e phatlaletse, mme ba kenang teng ba bangata.
Phemang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba apere kobo ya nku, empa kahare e le diphiri tse hapakang.
Yare hobane a biletse bongata le barutuwa ba hae ho yena, a re ho bona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya ratang ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntshale morao.
Ba tla le leleka masinagogeng; esita le nako e a tla, eo e mong le e mong ya le bolayang a tla hloma eka o sebeletsa Modimo.
ba ntse ba tiisa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, mme ba ba lekanyetsa hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.
Hape le se ke la ipapisa le lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ntjhafalo ya kelello ya lona, le tle le lemohe ho ratwang ke Modimo, hore na ke hofe, ho molemo, ho kgahlehang, ho phethehileng.
Ka baka lang? Kahobane ha ba ka ba ho batla ka tumelo, empa ba entse jwaloka hoja ba ka ho fumana ka mesebetsi ya molao; hobane ba kgopilwe lejweng la ho kgoptjwa;