Ho madimabe ba bitsang bobe botle, le botle ba bo bitsa bobe; ba etsang lefifi lesedi, le lesedi ba le etsa lefifi; ba etsang ho baba monate, le monate ba o etsa ho baba!
Mattheu 6:22 - Sesotho 1909/1961 (SO) Lebone la mmele ke leihlo; ka baka leo, ha leihlo la hao le lokile, mmele wohle wa hao o tla ba le lesedi. BIBELE “Leihlo ke lebone la mmele. Haeba leihlo la hao le hloka sepha, mmele wohle wa hao o tla ba leseding, Baasraak Sotho NT Lebone la mmele ke leihlo; ha leihlo la hao le lokile, mmele wohle wa hao o tla ba le lesedi. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Lebone la mmele ke leihlo; ha leihlo la hao le lokile, mmele wohle wa hao o tla ba le lesedi. |
Ho madimabe ba bitsang bobe botle, le botle ba bo bitsa bobe; ba etsang lefifi lesedi, le lesedi ba le etsa lefifi; ba etsang ho baba monate, le monate ba o etsa ho baba!
Lebone le lona ha le hoteletswe ho kenngwa katlasa morula, empa e le ho hlongwa kandelareng, le tle le bonesetse bohle ba leng tlung.
Ba ne ba tiisetsa tempeleng ka matsatsi wohle, ba le pelo e le nngwe; enereha ba etswa tlung e nngwe, ba ne ba kena ho e nngwe, ba ntse ba ngwatha bohobe; ba ne ba eja dijo tsa bona ka thabo le ka dipelo tse monate,
Empa ke tshohile, esere mohlomong, jwalokaha noha e ne e thetse Eva ka mano a yona, le ya lona mehopolo e ka senyeha, ya timellwa ke nnete e ho Kreste.
Bahlanka, utlwang ka tshabo, le ka thothomelo, le ka tshepeho ya dipelo tsa lona, bao e leng beng ba lona ka nama, jwalokaha le utlwa Kreste.
Bahlanka, utlwang nthong tsohle bao e leng benghadi ba lona ka nama, le se ke la ba sebeletsa feela ha ba le tadimile, jwaloka hoja le rata ho kgahlisa batho, e mpe e be ka pelo e kgabane, ka ho tshaba Modimo.