Elisha a re: O ke ke wa ba bolaya. Bao o ba hapileng ka sabole ya hao le ka seqha sa hao, na o ye o ba bolaye na? Bea bohobe le metsi pela bona, ba je, ba nwe, ba ntoo kgutlela ho morena wa bona.
Mattheu 5:44 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa nna, ke re ho lona: Ratang bao e leng dira ho lona, le hlohonolofatse ba le rohakang; ba le hloileng le ba etse hantle, le rapelle ba le tsohelang matla le ba le hlorisang; BIBELE Empa nna ke re ho lona: Ratang dira tsa lona, le rapelle ba le hlorisang, Baasraak Sotho NT Empa nna ke re ho lona: Ratang dira tsa lona, le hlohonolofatse ba le rohakang, ba le hloileng le ba etse hantle; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa nna ke re ho lona: Ratang dira tsa lona, le hlohonolofatse ba le rohakang, ba le hloileng le ba etse hantle; |
Elisha a re: O ke ke wa ba bolaya. Bao o ba hapileng ka sabole ya hao le ka seqha sa hao, na o ye o ba bolaye na? Bea bohobe le metsi pela bona, ba je, ba nwe, ba ntoo kgutlela ho morena wa bona.
ha ke lefetse ka bobe ya neng a phela le nna ka kgotso, ha ke hlobodisitse ya ntlhoileng feela,
Empa Jesu o ne a re: Ntate, o ba tshwarele, hobane ha ba tsebe seo ba se etsang. Mme ba arolelana diaparo tsa hae ka ho di laola ka lotho.
Ke le nea molao o motjha, ke hore le ratane; jwalokaha ke le ratile, ratanang jwalo le lona.
Empa Pauluse a mo howeletsa ka lentswe le phahameng, a re: O se ke wa ipolaya, hobane re sa le mona kaofela.
A ntoo kgumama, a howa ka lentswe le leholo, a re: Morena, o se ke wa ba balla sebe sena! Yare ha a buile jwalo, a ithoballa.
Le bone hore ho se ke ha eba ya lefetsang bobe ka bobe; le mpe le batle kamehla se ka bang molemo ho e mong le e mong hara lona, le ho bohle.
enereha a rohakwa, o ne a sa rohake; ha a ne a utlwiswa bohloko, o ne a sa bope; empa o ne a tshepa ya ahlolang ka ho loka;
le se ke la phetetsa bobe ka bobe, le hlapa ka hlapa; le mpe le hlohonolofatse, ke ho tseba hobane le bileditswe hona, hore le tle le rue hlohonolofatso.
A boela a re ho Davida: Wena, o mphetisa ka ho loka, hobane o nkentse hantle, athe nna ke o entse hampe.