Empa wena, Jehova, o nkutlwele bohloko, o ntsose, ke tle ke tsebe ho ba buselletsa se ba lokelang.
Mattheu 5:43 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le utlwile hoba ho kile ho thwe: Rata wa heno, o hloye eo e leng sera ho wena. BIBELE “Le utlwile hore ho ile ha thwe: ‘Rata wa heno, o hloye sera sa hao.’ Baasraak Sotho NT Le utlwile hore ho itswe, Rata wa heno, mme o hloye sera sa hao. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le utlwile hore ho itswe, Rata wa heno, mme o hloye sera sa hao. |
Empa wena, Jehova, o nkutlwele bohloko, o ntsose, ke tle ke tsebe ho ba buselletsa se ba lokelang.
O se ke wa iphetetsa, mme o se ke wa bolokela bana ba setjhaba sa heno lonya. Rata wa heno jwalokaha o ithata. Ke nna Jehova.
Le utlwile hoba ho boleletswe baholo, ha thwe: O se ke wa bolaya; mme, ya bolaileng o tla tshwanelwa ke kahlolo.
Moammone le Momoabe ba ke ke ba kena phuthehong ya Jehova; esita le ditlohotloholwana tsa bona tsa leloko la leshome di ke ke tsa kena phuthehong ya Jehova, le ka mohla o le mong;
Ha le phetha molao oo e leng morena hara melao, kamoo o ngodilweng kateng ka ho re: Rata wa heno jwalokaha o ithata, le etsa hantle.