Ka bofebe bo tumileng ba hae, Iseraele o silafaditse lefatshe; o febile le lejwe le sefate.
Mattheu 5:32 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya hlalang mosadi wa hae, haese ka baka la bofebe, o mmea hore a fetohe mofebi; mme e mong le e mong ya nyalang mosadi ya hladilweng, o a feba. BIBELE Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya hlalang mosadi wa hae, haese ka taba ya bohlola, o a mo febisa, mme ya nyalang mosadi ya hladilweng o a feba.” Baasraak Sotho NT Empa nna ke re ho lona: E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, haese ka baka la bohlola, o mo etsa sehlola; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa nna ke re ho lona: E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, haese ka baka la bohlola, o mo etsa sehlola; |
Ka bofebe bo tumileng ba hae, Iseraele o silafaditse lefatshe; o febile le lejwe le sefate.
Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya tadimang mosadi ho mo lakatsa, o se a mo febile pelong ya hae.
E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, a nyala e mong, o a feba, mme e mong le e mong ya nyalang ya hladilweng ke monna wa hae, o a feba.
Ha ho le jwalo, ha a ka nyalana le monna e mong, monna wa hae ha a sa phela, o tla bitswa mofebi; empa ha monna wa hae a shwele, o holotswe molaong, mme jwale, ha a ka nyalana le monna e mong, a ke ke a bitswa mofebi.
Mmele wa mosadi ha o pusong ya hae, o mpa o le pusong ya monna; le mmele wa monna ha o pusong ya hae, o mpa o le pusong ya mosadi.
Etlare hobane mosadi a tswe tlung ya hae, o tla ikela, a be le tokelo ya ho nyalwa ke monna e mong.