Mosadi a re: Kgale ba ne ba bua taba, ba re: Botsisang taba Abele! Mme taba di ne di fela moo.
Mattheu 5:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le utlwile hoba ho boleletswe baholo, ha thwe: O se ke wa bolaya; mme, ya bolaileng o tla tshwanelwa ke kahlolo. BIBELE “Le utlwile hore ho ile ha thwe ho ba boholoholo: ‘O se ke wa bolaya; mang le mang ya bolayang o tla tshwanelwa ke kahlolo.’ Baasraak Sotho NT Le utlwile ho thwe: O se ke wa bolaya; mme e mong le e mong ya bolayang, o tla tshwanelwa ke kahlolo; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le utlwile ho thwe: O se ke wa bolaya; mme e mong le e mong ya bolayang, o tla tshwanelwa ke kahlolo; |
Mosadi a re: Kgale ba ne ba bua taba, ba re: Botsisang taba Abele! Mme taba di ne di fela moo.
A bea baahlodi naheng ya Juda, metseng yohle ya yona ya diqhobosheane, motseng o mong le o mong.
Metse eo e tla ba ditshabelo tsa ho balehela mophetetsi wa madi, mmolai a tle a se ke a bolawa a eso ho hlahe pela phutheho a ahlolelwa teng.
Hape, le utlwile hoba ho boleletswe baholo, ha thwe: O se ke wa kweneha kanong ya hao, o mpe o nee Morena seo o mmaletseng sona ka kano.
Bea baahlodi le dihlooho metseng yohle ya hao, eo Jehova, Modimo wa hao, a o neang yona melokong ya hao, ba tle ba ahlole setjhaba ka kahlolo ya ho loka.
E mong le e mong ya hloileng ngwanabo ke mmolai; mme le a tseba hobane ha ho mmolai eo bophelo bo sa feleng bo dutseng ho yena.