Tsela ya ba lokileng e jwaloka lesedi le kganyang, le ntseng le eketsa ho kganya ho fihlela motshehare o moholo o phethehileng.
Mattheu 5:14 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le lesedi la lefatshe. Motse o beilweng hodima thaba, ha o na ho patwa. BIBELE “Le lesedi la lefatshe. Motse o hahilweng hodima thaba o sitwa ho pateha; Baasraak Sotho NT Lona le lesedi la lefatshe. Motse o hodima leralla o ke ke wa pateha. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Lona le lesedi la lefatshe. Motse o hodima leralla o ke ke wa pateha. |
Tsela ya ba lokileng e jwaloka lesedi le kganyang, le ntseng le eketsa ho kganya ho fihlela motshehare o moholo o phethehileng.
Morena Jehova o re: Suna Jerusalema! Ke ne ke mmeile hara ditjhaba, ke beile mafatshe a mang ho mo teela hare;
Ha le sa ntse le ena le lesedi, dumelang ho lesedi, le tle le fetohe bana ba lesedi. Jesu a bolela taba tseo, a ntoo tloha, a ipatela bona.
Johanne e ne e le lebone le tukang, le kganyang, mme lona le ithatetse ho nyakalla leseding la hae ka mehla e se mekae.
Yaba Jesu o boela a bua le bona, a re: Ke nna lesedi la lefatshe; ya ntatelang a ke ke a tsamaya lefifing, empa o tla ba le lesedi la bophelo.
Se sikareng joko e le nngwe le ba sa dumelang; hobane kopano ke efe ya ho loka le bokgopo? Kapa lesedi le na le kopano efe le lefifi?
le tle le hloke sekodi le letheba, le be bana ba Modimo, ba sa nyatseheng hara moloko o senyehileng, o kgopo, oo le kganyang hara wona jwaloka masedi lefatsheng, le ntse le phahamisitse lentswe la bophelo;
sephiri sa dinaledi tse supileng tseo o di boneng letsohong la ka le letona, le dikandelare tse supileng tsa kgauta. Dinaledi tse supileng ke mangeloi a dikereke tse supileng; mme dikandelare tse supileng tseo o di boneng, ke dikereke tse supileng.
Hopola hle moo o weleng, mme o bake, mme o etse mesebetsi ya pele; ha ho se jwalo, ke tla tla ho wena, ke tlose kandelare ya hao tulong ya yona, ha o sa bake.