Yaba matshwele a maholo a phuthehela ho yena, mme Jesu a kena sekepaneng, a dula teng; bongata bohle ba ema lebopong.
Mattheu 5:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu, ha a bona matshwele, a nyolohela thabeng; mme hobane a dule, barutuwa ba hae ba mo atamela. BIBELE Yare ha Jesu a bona matshwele, a nyolohela thabeng, mme hoba a dule, barutuwa ba hae ba tla ho yena; Baasraak Sotho NT Yare ha a bona matshwele, a nyolohela thabeng; mme ha a dutse, barutuwa ba hae ba tla ho yena. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ha a bona matshwele, a nyolohela thabeng; mme ha a dutse, barutuwa ba hae ba tla ho yena. |
Yaba matshwele a maholo a phuthehela ho yena, mme Jesu a kena sekepaneng, a dula teng; bongata bohle ba ema lebopong.
Jesu a tloha teng, a atamela lewatle la Galelea, mme eitse hobane a nyolohele thabeng, a dula teng.
Mme matshwele a maholo a tswang Galelea, le Dekapolise, le Jerusalema, le Judea, le mose wane wa Jordane, a mo latela.
Ba ntoo ya tlung, mme bongata ba boela ba bokana teng, Jesu le barutuwa ba hae ba ba ba sitwa le ho ja bohobe.
Jesu a boela a qala ho ruta pela lewatle, mme bongata bo boholo ba bokana ho yena; yaba o kena ka sekepaneng, a dula ho sona lewatleng; haele batho bohle, ba dula fatshe, lebopong la lewatle.
Ha a theohile le bona, a ema lehwatateng le bongata ba barutuwa ba hae, le batho ba bangata ba setjhaba ba tswang Judea yohle, le Jerusalema, le mathokong a lewatle la Tire le Sidone, ba neng ba tlile ho mo utlwa le ho fodiswa malwetse a bona;
Yaba o emisa mahlo, a tadima barutuwa ba hae, a re: Ho lehlohonolo lona bafumanehi, hobane mmuso wa Modimo ke wa lona.
Kamora taba tseo, hobane ho fete matsatsi a batlang ho roba meno e le mmedi, Jesu a ya le Petrose, le Johanne, le Jakobo, a nyolohela thabeng ho rapela.
Jesu ha a tseba hobane ba se ba ya mo nka ka matla ba tle ba mmee morena, a boela a ya thabeng a notshi.