Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 9:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Kamora taba tseo, hobane ho fete matsatsi a batlang ho roba meno e le mmedi, Jesu a ya le Petrose, le Johanne, le Jakobo, a nyolohela thabeng ho rapela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

28 Kamora dipolelo tsena, ha ho fetile matsatsi a ka bang robedi, Jesu a nka Petrose, le Johanne, le Jakobo, a nyolohela thabeng ho ya rapela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

28 Eitse matsatsi a ka bang robedi kamora dipolelo tseo, a nka Petrose le Johanne le Jakobo, a nyolohela thabeng ho ya rapela.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

28 Eitse matsatsi a ka bang robedi kamora dipolelo tseo, a nka Petrose le Johanne le Jakobo, a nyolohela thabeng ho ya rapela.

Ver Capítulo Copiar




Luka 9:28
18 Referencias Cruzadas  

Bakeng sa lerato la ka ba ipeile dira ho nna; empa nna, ha ke phetse ho rapela.


Eitse hobane a kgutlise matshwele, a nyolohela thabeng ho ya rapela kathoko; a phirimelwa a sa le hona teng a nnotshi.


Jesu, ha a bona matshwele, a nyolohela thabeng; mme hobane a dule, barutuwa ba hae ba mo atamela.


Yare hosasa, a tsoha e sa le kameso, a tswa tlung, mme a ya feelleng, a rapela teng.


Yare ha a bo kgutlisitse, a ya thabeng ho rapela.


Yare ha batho bohle ba kolobetswa, Jesu a kolobetswa le yena; ha a ntse a rapela, lehodimo le phetlwa,


Haele yena, o ne a dula mafeelleng, a ntse a rapela.


Matsatsing ao, a tswela thabeng ho rapela, mme a qeta bosiu a ntse a rapela Modimo.


Eitse ha a fihlile tlung, a se ke a dumella le a mong ho kena, haese Petrose le Jakobo le Johanne, le ntata ngwanana le mmae.


Ha a le kathoko, a rapela, a ena le barutuwa ba hae, a ba botsa, a re: Batho ba re, ke mang?


Mme Jesu a nyolohela thabeng, a dula teng le barutuwa ba hae.


Lena ke la boraro ke tlang ho lona ka lona; ditaba tsohle di tla tiya ke melomo ya dipaki tse pedi, leha e le tse tharo.


Ke Jesu eo, mehleng ya nama ya hae, ya kileng a hlahisa, ka mohoo o moholo le ka meokgo, merapelo ya hae e bohloko ho ya neng a ka tseba ho mo lwela lefung; mme eitse hobane a utluwe, ka baka la borapedi ba hae,


Hobane hase ka ho ya ka ditshomo tse entsweng ka mano re le tsebisitseng matla le ho tla ha Jesu Kreste, Morena wa rona; empa e le kahobane re iponetse boholo ba hae ka mahlo a rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos