Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 9:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 A re a sa ntse a rapela, ponahalo ya sefahleho sa hae ya fetoha, mme diaparo tsa hae tsa sweufala, tsa kganya.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

29 Ha a ntse a rapela, a fetoha tshobotsi, diaparo tsa hae tsa eba tshweu, tsa benya.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

29 Eitse ha a ntse a rapela, ponahalo ya sefahleho sa hae ya fetoha, le diaparo tsa hae tsa eba tshweu, tsa benya.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 Eitse ha a ntse a rapela, ponahalo ya sefahleho sa hae ya fetoha, le diaparo tsa hae tsa eba tshweu, tsa benya.

Ver Capítulo Copiar




Luka 9:29
17 Referencias Cruzadas  

Mahlo a hao a tla boha morena botleng ba hae, a tla bona lefatshe bophareng ba lona.


O medile pela hae jwaloka lehlomela, le jwaloka motso o tswang mobung o omeletseng. O ne a se na sebopeho, leha e le bokgabane; re mo tadimile, mme o ne a se na ponahalo eo re neng re ka kgahliswa ke yona.


A fetoha pontsheng ho bona; sefahleho sa hae sa kganya jwaloka letsatsi, mme diaparo tsa hae tsa eba tshweu jwaloka lesedi,


Kamora tseo, a itlhahisa ka sebopeho sesele ho ba babedi ba bona, ba neng ba tsamaya ba ya naheng.


Yare ha batho bohle ba kolobetswa, Jesu a kolobetswa le yena; ha a ntse a rapela, lehodimo le phetlwa,


Haele yena, o ne a dula mafeelleng, a ntse a rapela.


Matsatsing ao, a tswela thabeng ho rapela, mme a qeta bosiu a ntse a rapela Modimo.


Ha a le kathoko, a rapela, a ena le barutuwa ba hae, a ba botsa, a re: Batho ba re, ke mang?


Banna ba babedi ba eba teng moo, ba buisana le yena, e le Moshe le Elia,


Lentswe le ne le etswe nama, mme la aha hara rona le tletse mohau le nnete, mme re bohile kganya ya lona, e kang kganya ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate.


Mme bohle ba dutseng kgotla ha ba mo hlaba ka mahlo, ba bona sefahleho sa hae se le jwaloka sefahleho sa lengeloi.


Yaba ke bona terone e tshweu e kgolo, le e mong ya dutseng hodima yona; yaba lefatshe le lehodimo di baleha pela sefahleho sa hae, mme ha di a ka tsa hlola di fumanelwa sebaka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos