Mattheu 3:14 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Johanne a hana ho yena, a re: Ke nna ke tshwanetseng ho kolobetswa ke wena, mme o tla ho nna na? BIBELE Empa Johanne a leka ho mo thiba, a re: “Eka kgona e be nna ya kolobetswang ke wena, athe wena o tla ho nna?” Baasraak Sotho NT Empa Johanne a mo thibela, a re: Ke nna ke tshwanetseng ho kolobetswa ke wena, mme o tla ho nna na? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa Johanne a mo thibela, a re: Ke nna ke tshwanetseng ho kolobetswa ke wena, mme o tla ho nna na? |
Empa Jesu a mo araba, a re: Ntumelle jwale; hobane e ka kgona re phethe jwalo ho lokelang hohle. Yaba Johanne o a mo lesa.
Banabeso, ha ke rate ha le sa tsebe hobane ke rerile hangata ho ya ho lona, ke tle ke kge ditholwana tse ding le ho lona, jwalokaha ke entse ditjhabeng tse ding; ke mpa ke thibetswe ho fihlela jwale.
eo Modimo o mmeileng esale pele hore e be pheko ho ba dumelang mading a hae, o tle o bonahatse ho loka ha wona, kamoo Modimo o neng o lesitse dibe tsa pele kateng, mehleng ya boiphapanyo ba wona.
Empa Lengolo le hlahletse batho bohle sebeng, hore pallo e tle e newe badumedi ka ho dumela ho Jesu Kreste.
Mme erekaha le le bana, Modimo o rometse dipelong tsa lona Moya wa Mora wa wona, o howang, o re: Abba! Ntate!
Hape, haele baprista ba pele, ba nnile ba hlahlamana ba le bangata, kahobane lefu le ne le ba sitisa ho dula kamehla bopristeng.