Akang Mora, a se tlo halefa, mme la timela tseleng ya lona, hobane bohale ba hae bo se bo tla tuka. Ho lehlohonolo bohle ba beileng tshepo ya bona ho yena!
Mattheu 28:17 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ba mmona, ba mo kgumamela; empa ba bang ba belaela. BIBELE Ha ba mmona, ba mo kgumamela, empa ba bang ba belaela. Baasraak Sotho NT Yare ha ba mmona, ba mo kgumamela; empa ba bang ba belaela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ha ba mmona, ba mo kgumamela; empa ba bang ba belaela. |
Akang Mora, a se tlo halefa, mme la timela tseleng ya lona, hobane bohale ba hae bo se bo tla tuka. Ho lehlohonolo bohle ba beileng tshepo ya bona ho yena!
Kannete ke re ho lona: Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone Mora motho a etla mmusong wa hae.
Yare ba sa ya bolella barutuwa ba hae, ba bona Jesu a ba kgahlanyetsa, a re: Dumelang! Yaba ba tla, ba mo tshwara maoto, ba mo kgumamela.
Ho feleng, a itlhahisa ho ba leshome le motso o mong, ba dutse dijong; a nyatsa ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, kahobane ba sa ka ba dumela ba mmoneng a tsohile.
hore bohle ba hlonephe Mora, jwalokaha ba hlonepha Ntate. Ya sa hlonepheng Mora, ha a hlonephe le Ntate ya mo romileng.
e leng bao e neng ere hobane a utlwiswe bohloko, a ileng a ipontsha bona, a se a phela, ka dipontsho tse ngata tse kgodisang, ba mmona ka matsatsi a mashome a mane, a ntse a bolela tsa mmuso wa Modimo.
Hamorao a bonwa ka nako e le nngwe ke baena ba fetisang makgolo a mahlano; ba bangata ho bona ba sa le teng, mme ba bang ba se ba shwele.