Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 15:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Hamorao a bonwa ka nako e le nngwe ke baena ba fetisang makgolo a mahlano; ba bangata ho bona ba sa le teng, mme ba bang ba se ba shwele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Kamorao ho moo a iponahatsa ka nako e le nngwe ho badumedi ba fetang makgolo a mahlano, bao ba bangata ba bona ba ntseng ba phela le kajeno, leha ba bang ba bona ba se ba shwele.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Kamora tseo, a iponahatsa ho baena ba fetang makgolo a mahlano ka nako e le nngwe; bao bongata ba bona bo saletseng ho fihlela jwale, empa ba bang ba robetse.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Kamora tseo, a iponahatsa ho baena ba fetang makgolo a mahlano ka nako e le nngwe; bao bongata ba bona bo saletseng ho fihlela jwale, empa ba bang ba robetse.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 15:6
10 Referencias Cruzadas  

Jwale, Jesu a re ho bona: Se tshoheng; eyang, le bolelle banabeso hore ba ye Galelea; ke moo ba tla mpona teng.


Le mpe le ye, le bolelle barutuwa ba hae le Petrose, hore o ya le etella pele ho ya Galelea; ke moo le tla mmona teng, jwalokaha a kile a le bolella.


Athe haele Davida, eitse hobane a phethe ho ratwang ke Modimo ho pheleng ha hae, o ithobaletse, a ba a patwa ho bontatae, mme o bone ho bola.


A ntoo kgumama, a howa ka lentswe le leholo, a re: Morena, o se ke wa ba balla sebe sena! Yare ha a buile jwalo, a ithoballa.


Ha ho le jwalo, ekaba le ba ithobaletseng ho Kreste ba timetse.


Tjhe, empa Kreste o tsohile bafung, mme o beilwe thakangwaha ya ba robetseng.


Banabeso, ha ke rate hore le ka hloka tsebo tabeng ya ba ithobaletseng, le tle le se ke la hlomoha jwaloka ba bang ba se nang tshepo.


Re fela re le bolella ka polelo ya Morena, hore, haele rona ba tlang ho phela le ho salla ho tla ha Morena, re ke ke ra raka ba robetseng.


ba soma, ba re: E kae pallo ya ho tla ha hae? Hobane, haesale ho eshwa bontate moholo, ntho tsohle di sa ntse di tiile, di sa le jwaloka qalong, ha di hlolwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos