Mattheu 28:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, Jesu a re ho bona: Se tshoheng; eyang, le bolelle banabeso hore ba ye Galelea; ke moo ba tla mpona teng. BIBELE Yaba Jesu o re ho bona: “Se tshabeng, eyang le tsebise bana beso hore ba ye Galelea, mme ba tla mpona teng.” Baasraak Sotho NT Jesu a re ho bona: Se tshoheng; eyang le bolelle banabeso hore ba ye Galelea, mme ba tla mpona teng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a re ho bona: Se tshoheng; eyang le bolelle banabeso hore ba ye Galelea, mme ba tla mpona teng. |
Morena o tla ba araba, a re: Kannete ke a le bolella, ke re: Tseo le di entseng e monyenyane ho baena ba ka, le di entse nna.
Ke moo a tla ba araba, a re: Kannete ke re ho lona: Erekaha le sa ka la etsa jwalo ho e mong wa ba banyenyane bana, ha le a ka la nketsa jwalo le nna.
Lengeloi la bua, la re ho basadi: Haele lona, le se ke la tshoha, hobane ke a tseba hoba le batla Jesu, ya kileng a thakgiswa.
Le mpe le phakise le ye ho bolella barutuwa ba hae hore o tsohile bafung; bonang, o ya le etella pele ho ya Galelea; le tla mmona teng. Utlwang, ke le boleletse.
Yare ba sa ya bolella barutuwa ba hae, ba bona Jesu a ba kgahlanyetsa, a re: Dumelang! Yaba ba tla, ba mo tshwara maoto, ba mo kgumamela.
Le mpe le ye, le bolelle barutuwa ba hae le Petrose, hore o ya le etella pele ho ya Galelea; ke moo le tla mmona teng, jwalokaha a kile a le bolella.
Jesu a re ho yena: Se nkame, hobane ha ke eso ho nyolohele ho Ntate; o mpe o ye ho banabeso, o re ho bona: Ke nyolohela ho Ntate, e leng le Ntata lona, ho Modimo wa ka, e leng le Modimo wa lona.
Hobane bao o itsebetseng bona pele, o bile o ba reretse pele, hore ba tla bapa le setshwantsho sa Mora wona, hore yena e tle e be wa letsibolo hara baena ba bangata.
Yaba ba lahla medimo esele e hara bona, mme ba sebeletsa Jehova; Jehova a utlwela Baiseraele bohloko ka baka la tsietsi ya bona.