Hobane nna, Jehova, ke rata ho lokileng, mme ke hloile boshodu le bolotsana; ke tla ba nea meputso ya bona e ba lokelang, ke ba sitse ka selekane se sa feleng.
Mattheu 27:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Baprista ba baholo ba nka ditjhelete, ba re: Ha ho a tshwanela hore di kenngwe polokelong ya tempele, hobane ke theko ya madi. BIBELE Baprista ba baholo ba nka ditjhelete tseo, ba re: “Ha ho dumellehe hore di kenngwe polokelong ya ditjhelete tsa Tempele, hobane ke tsa theko ya madi.” Baasraak Sotho NT Baprista ba baholo ba nka ditjhelete, ba re: Ha ho a dumellwa hore di kenngwe polokelong ya letlotlo, hobane ke theko ya madi. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Baprista ba baholo ba nka ditjhelete, ba re: Ha ho a dumellwa hore di kenngwe polokelong ya letlotlo, hobane ke theko ya madi. |
Hobane nna, Jehova, ke rata ho lokileng, mme ke hloile boshodu le bolotsana; ke tla ba nea meputso ya bona e ba lokelang, ke ba sitse ka selekane se sa feleng.
Mme hobane ba rere, ba reka tshimo ya mmopi wa dipitsa ka tsona, ho epela baditjhaba teng.
Athe lona le re: Ha ho molato leha motho a re ho ntatae, leha e le ho mmae: Sa tsa ka seo nka beng ke o thusa ka sona, e se e le korbane (ke ho re, neo e etsetswang Modimo);
Jwale, ba tloha ho Kaiafa; ba isa Jesu kgotla; e ne e le kameso; empa bona ha ba ka ba kena kgotla ka sebele sa bona, hore ba tle ba se ke ba itshilafatsa, ba tle ba tsebe ho ja Paseka.
O se ke wa hlahisa ka tlung ya Jehova, Modimo wa hao, moputso wa seotswa, leha e le theko ya ntja, bakeng sa kano eo o itlamileng ka yona; hobane ntho tse pedi tseo ke manyala pela Jehova, Modimo wa hao.