Na le ka rata hore o le botsisise hohle na? Kapa le ka o thetsa jwalokaha ho thetswa batho na?
Mattheu 27:41 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka mokgwa o jwalo, le bona baprista ba baholo ba mo soma, ba ena le bangodi le baholo, ba re: BIBELE Ka mokgwa o jwalo le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, le baholo ba mo soma, ba re: Baasraak Sotho NT Ka mokgwa o jwalo le baprista ba baholo ba mo soma, le Ditsebi tsa Molao le baholo, ba re: Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka mokgwa o jwalo le baprista ba baholo ba mo soma, le Ditsebi tsa Molao le baholo, ba re: |
Na le ka rata hore o le botsisise hohle na? Kapa le ka o thetsa jwalokaha ho thetswa batho na?
A ba ke ba hlabiswe ke dihlong, ba tsielehe bona bohle ba thabelang tsietsi ya ka! Baikakasi ba ntwantshang a ba apeswe ke dihlong le nyediso!
Mme jwale, le se ke la nna la soma, mahlaahlela a lona a tle a se ke a tiiswa; hobane ke utlwile ho Morena, Jehova wa makgotla, hore tshenyeho ya lefatshe lohle e rerilwe.
Jehova, Molopolli le Mohalaledi wa Iseraele, o rialo ho ya nyatistsweng ke bohle, ho ya hloilweng ke setjhaba, ho mofo wa babusi: Marena a tla mmona, a eme; mahosana a tla kgumama pela hae ka baka la Jehova ya tshepehang, le la Mohalaledi wa Iseraele ya o kgethileng.
Ka timetsa badisa ba bararo ka kgwedi e le nngwe. Empa ka fediswa pelo ke dinku, le tsona meya ya tsona ya tenwa ke nna.
Wena, ya qhaqhang tempele, o reng o tla e tsosa ka matsatsi a mararo, ipholose he! Ha o le Mora Modimo, theoha sefapanong!
O pholositse ba bang, yena o sitwa ho ipholosa! Haele yena morena wa Iseraele, a ke a theohe jwale sefapanong, mme re tla dumela ho yena.
Yaba Jesu o bolella baprista ba baholo, le balaodi ba tempele, le baholo ba tlileng ho mo tshwara, a re: Le tlile ka disabole le ka melamu, jwalokaha eka le batla leshodu!
Batho ba ne ba eme ba tadimile; babusi le bona ba ne ba mo soma, ba re: O pholositse ba bang; ha a ipholose le yena, haele yena Kreste, mokgethwa wa Modimo!