Jehova, Molopolli le Mohalaledi wa Iseraele, o rialo ho ya nyatistsweng ke bohle, ho ya hloilweng ke setjhaba, ho mofo wa babusi: Marena a tla mmona, a eme; mahosana a tla kgumama pela hae ka baka la Jehova ya tshepehang, le la Mohalaledi wa Iseraele ya o kgethileng.
Jwalokaha batho ba bangata ba ne ba makala ha ba mmona, kamoo sefahleho sa hae se neng se senyehile kateng ho fetisa tsa bohle, le tshobotsi ya hae e neng e fifetse ho fetisa ya bara ba batho;
O nyatsitswe, a furallwa ke batho; ke motho wa mahloko, ya tsebang mahlomola, ya tshwanang le eo batho ba tshabang ho tadimana le yena; re mo nyatsitse, ha re a ka ra re letho ka yena.
A etswa hampe, a ntse a mamelletse, a se ke a ahlamisa molomo wa hae, jwaloka konyana e iswang hlabong, le jwaloka nku e semumu pela bakuti ba yona; ha a ka a ahlamisa molomo wa hae.