Mattheu 27:14 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ha a ka a araba lentswe leha le le leng; mmusisi a ba a makala haholo. BIBELE Empa ha a a ka a mo araba leha e le polelong e le nngwe, hoo mmusisi a bileng a makala ka ho fetisisa. Baasraak Sotho NT Mme a se ka a mo araba, a se ka a bua sepe; hoo mmusisi a ileng a makala haholo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme a se ka a mo araba, a se ka a bua sepe; hoo mmusisi a ileng a makala haholo. |
Bonang, ke nna enwa le bana bao Jehova a nneileng bona, hore re be dipontsho le ditshwantsho Iseraeleng, ka taelo ya Jehova wa makgotla, ya ahileng thabeng ya Sione.
Utlwa he, Joshua, moprista e moholo, wena le banabeno ba dutseng pela hao; ruri banna bao ke dipontsho ho setjhaba, hobane ke ya tlisa mohlanka wa ka, Lehlomela!
Empa Jesu a kgutsa. Yaba moprista e moholo o boela a bua, a re ho yena: Ke u antsha ka Modimo o phelang, hore o re bolelle haeba o Kreste, Mora wa Modimo.
Athe ha ke lekanya, ho jwaloka hoja Modimo o re beile morao, rona baapostola, ka mokgwa wa ba rerilweng ho bolawa; hobane re pepesitswe pela lefatshe, le pela mangeloi, le pela batho.