Yaba moprista e moholo o ema, a re ho yena: Na ha o arabe letho na? Seo ba o qosang ka sona keng na?
Mattheu 27:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Pilato o re ho yena: Na ha o utlwe ha ba o qosa hakakale na? BIBELE Yaba Pilato o re ho yena: “Na ha o utlwe bopaki bo bokaalekaale boo ba o qosang ka bona?” Baasraak Sotho NT Pilato a re ho yena: Na ha o utlwe hore na ke tse kae tseo ba o bolelang ka tsona? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Pilato a re ho yena: Na ha o utlwe hore na ke tse kae tseo ba o bolelang ka tsona? |
Yaba moprista e moholo o ema, a re ho yena: Na ha o arabe letho na? Seo ba o qosang ka sona keng na?
Pilato a araba, a re: Na ke Mojuda, na? Setjhaba sa heno le baprista ba baholo ba o neetse nna; o entseng?
Yaba molaodi wa sekete o laela hore a iswe qhobosheaneng, a re, a botswe ka ho shapuwa, hore a tle a tsebe lebaka leo ba mo howellang lona.