Mattheu 26:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Barutuwa ba hae, ha ba bona hoo, ba hlonama, ba re: Tshenyeho eo e thusang? BIBELE Empa barutuwa ba hae ha ba bona hoo ba ipelaetsa, ba re: “Tshenyo ee e etsetswang? Baasraak Sotho NT Empa barutuwa ba hae, ha ba bona hoo, ba halefa, ba re: Tshenyo eo e etswang? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa barutuwa ba hae, ha ba bona hoo, ba halefa, ba re: Tshenyo eo e etswang? |
Ke bone hobane mokgathala wohle le mesebetsi yohle e metle ya batho e ntse e hlahisa mona le mohono. Hoo le hona ke lefeela, ke mosebetsi o nyopileng.
Tsatsi la kgwedi e thwasang le tla feta neng, re tle re rekise ka koro? Le Sabatha e tla feta neng, re tle re bule menyako ya mediko ya koro, re tswe re fokotsa tekanyo, re hodisa theko, re fosisa dikala ka ho thetsa?
Mme le re: A ntho e kgathatsang! le bile le tshwela hodima yona, ho bolela Jehova wa makgotla; le tlisa se utswitsweng, le se hlotsang, le se kulang, le etsa sehlabelo ka tsona! Na ke tla se amohela matsohong a lona? ho botsa Jehova.
ha tla ho yena mosadi ya nang le pitsa ya alebastera, e tletseng setlolo se theko e thata, mme a se tshela hloohong ya Jesu ha a dutse dijong.