empa e mong le e mong ya tla ntatola pela batho, le nna ke tla mo latola pela Ntate ya mahodimong.
Mattheu 26:75 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Petrose o elellwa se boletsweng ke Jesu, kamoo a neng a itse ho yena kateng: Mokoko ha o eso ho lle, o tla be o se o ntatotse hararo. Yaba o tswela ntle, a lla habohloko. BIBELE Petrose a hopola polelo ya Jesu ha a itse ho yena: “Mokoko o eso lle, o tla be o ntatotse hararo.” A tswela kantle, a lla habohloko. Baasraak Sotho NT Petrose a elellwa polelo ya Jesu, eo a neng a re ho yena: Pele mokoko o lla, o tla be o ntatotse hararo. Yaba o tswela ntle, a lla habohloko. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Petrose a elellwa polelo ya Jesu, eo a neng a re ho yena: Pele mokoko o lla, o tla be o ntatotse hararo. Yaba o tswela ntle, a lla habohloko. |
empa e mong le e mong ya tla ntatola pela batho, le nna ke tla mo latola pela Ntate ya mahodimong.
Jesu a re ho yena: Kannete ke re ho wena: Ka bona bosiu bona, mokoko ha o eso ho lle, o tla be o se o ntatotse hararo.
Yaba o qala ho hlapanya, a ana, a re: Motho eo ha ke mo tsebe. Athe kapelepele mokoko wa lla.
Jesu a mo araba, a re: O re, o tla tela bophelo ba hao ka baka la ka na? Kannetenete ke re ho wena: Mokoko o eso ho lle, o tla be o se o ntatotse hararo.
Hobane ke mang ya o kgethang ho e mong? Mme o na le eng eo o sa kang wa e fuwa? Mme ekare ha o e filwe, o ka ithorisa jwang, jwaloka hoja o sa ka wa e fuwa?
Banabeso, ekare ha motho a wela molatong o mong, lona bao le leng ba moya, le ke le mo tsose ka moya o mosa; mme o iponele, esere wa lekwa le wena.
lona ba bolokwang ke matla a Modimo ka tumelo, le tle le amohele poloko e seng e lokiseditswe ho bonahatswa nakong ya qetello.