O se ke wa tlaela ka lebitso la Jehova, Modimo wa hao, hobane Jehova a ke ke a latola molato wa ya tlaelang ka lebitso la hae.
Mattheu 26:72 - Sesotho 1909/1961 (SO) A boela a latola ka ho hlapanya, a re: Motho eo ha ke mo tsebe. BIBELE A hlapanya, a mo latola hape, a re: “Motho eo ha ke mo tsebe.” Baasraak Sotho NT A boela a latola ka kano, a re: Motho eo ha ke mo tsebe. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A boela a latola ka kano, a re: Motho eo ha ke mo tsebe. |
O se ke wa tlaela ka lebitso la Jehova, Modimo wa hao, hobane Jehova a ke ke a latola molato wa ya tlaelang ka lebitso la hae.
Mamelang taba ena, lona ntlo ya Jakobo, ba ipitsang ka lebitso la Iseraele, bao le tswileng mohloding wa Juda, bao le anang ka lebitso la Jehova, ba rorisang Modimo wa Iseraele, empa e seng ka nnete le ka ho loka.
le se ke la rerela banababo lona kotsi pelong tsa lona, le se ke la rata kano ya leshano; hobane tseo tsohle ke di hloile, ho bolela Jehova.
Ke tla atamela ho lona ho etsa kahlolo, ke be paki e akofang hodima baloi, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang moputso wa ya sebetsang, le ba jang mosadi wa mohlolohadi le kgutsana, le ba hlorisang moditjhaba, ba sa ntshabe, ho bolela Jehova wa makgotla.
Eitse ha a tswela kgotlwaneng, lekgabunyane le leng la mmona, la re ho ba leng moo: Le enwa o ne a ena le Jesu wa Nasaretha.
Ho se hokaenyana, ba emeng moo ba atamela, ba re ho Petrose: Le wena, o wa bona ruri; hobane puo ya hao e a o bonahatsa.
Yaba o qala ho hlapanya, a ana, a re: Motho eo ha ke mo tsebe. Athe kapelepele mokoko wa lla.
Empa Jesu a re: Petrose, ke a o bolella hoba mokoko o ke ke wa lla kajeno, o eso ho latole hararo hore o a ntseba.