Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 22:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Empa Jesu a re: Petrose, ke a o bolella hoba mokoko o ke ke wa lla kajeno, o eso ho latole hararo hore o a ntseba.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

34 Empa Jesu a re: “Petrose, ke a o bolella hore kajeno, pele mokoko o lla, o tla be o se o ntatotse hararo, o re ha o ntsebe.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

34 A re: Ke a o bolella, Petrose, mokoko ha o ka ke wa lla kajeno, o eso ho latole hararo hore o a ntseba.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

34 A re: Ke a o bolella, Petrose, mokoko ha o ka ke wa lla kajeno, o eso ho latole hararo hore o a ntseba.

Ver Capítulo Copiar




Luka 22:34
9 Referencias Cruzadas  

Jesu a re ho yena: Kannete ke re ho wena: Ka bona bosiu bona, mokoko ha o eso ho lle, o tla be o se o ntatotse hararo.


Yaba o qala ho hlapanya, a ana, a re: Motho eo ha ke mo tsebe. Athe kapelepele mokoko wa lla.


Jesu a re ho yena: Kannete ke re ho wena: Wena, kajeno, ka bona bosiu bona, mokoko ha o eso ho lle habedi, o tla be o se o ntatotse hararo.


Simone a re ho yena: Morena, ke itokisitse ho ya le wena teronkong, leha e le lefung.


Yaba o re ho bona: Mohla ke neng ke le romile le se na mokotlana wa ditjhelete, le mokotla wa tsela, le dieta, na le kile la hloka ho hong na? Ba re: Ha ho letho leo re kileng ra le hloka.


Morena a reteleha, a sheba Petrose. Mme Petrose a elellwa polelo ya Morena kamoo a neng a mmolelete kateng, a re: Mokoko ha o eso ho lle, o tla be o se o ntatotse hararo.


Jesu a mo araba, a re: O re, o tla tela bophelo ba hao ka baka la ka na? Kannetenete ke re ho wena: Mokoko o eso ho lle, o tla be o se o ntatotse hararo.


Empa Petrose a boela a latola; yaba mokoko o se o lla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos