Mattheu 26:70 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa yena a latola pontsheng ya bohle, a re: Ha ke tsebe seo o se bolelang. BIBELE A mo latola pela bohle, a re: “Ha ke tsebe seo o se bolelang.” Baasraak Sotho NT Empa a latola pontsheng ya bohle, a re: Ha ke tsebe seo o se bolelang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa a latola pontsheng ya bohle, a re: Ha ke tsebe seo o se bolelang. |
Boikgohomoso ba motho bo a mo kokobetsa, empa ya pelo e ikokobetsang o tla finyella kganyeng.
Na o tshabile mang, wa tshoha mang, ha o ikentse lehata, o sa ka wa nkgopola, o sa ka wa ntlhokomela na? Na ke hobane e le kgale ke kgutsitse, ha o sa ka wa ntshaba na?
Lekgatheng leo, e mong wa ba nang le Jesu a isa letsoho saboleng ya hae, a e tsomola, mme a hlatha mohlanka wa moprista e moholo ka yona, a mo kgaola tsebe.
Empa hoo hohle ho etsahetse, hore mangolo a baporofeta a phethahale. Jwale, barutuwa bohle ba mo tlohela, ba baleha.
Petrose a mo latela a le hole, mme a fihla tlung ya moprista e moholo; mme eitse hobane a kene lebaleng, a dula le bahlanka, a tle a bone qetello ya ditaba tseo.
Petrose yena o ne a dutse kantle lebaleng. Yaba ho fihla ho yena lekgabunyane le leng, la re: Le wena, o ne o ena le Jesu wa Galelea.
Eitse ha a tswela kgotlwaneng, lekgabunyane le leng la mmona, la re ho ba leng moo: Le enwa o ne a ena le Jesu wa Nasaretha.
Ke teng; a thefutswe ka baka la ho se dumele, mme wena, o ema ke tumelo. O se ke wa ikgohomosa, empa o tshabe.
Empa ha e le ba boi, le ba sa dumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang medimo, le mahata kaofela, kabelo ya bona e ka letsheng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobedi.