Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 26:70 - BIBELE

70 A mo latola pela bohle, a re: “Ha ke tsebe seo o se bolelang.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

70 Empa yena a latola pontsheng ya bohle, a re: Ha ke tsebe seo o se bolelang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

70 Empa a latola pontsheng ya bohle, a re: Ha ke tsebe seo o se bolelang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

70 Empa a latola pontsheng ya bohle, a re: Ha ke tsebe seo o se bolelang.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 26:70
17 Referencias Cruzadas  

Motho ya sethoto ke ya itshepang boyena, ya sebetsang ka bohlale o tla fumana pholoho.


Boikakaso ba motho bo a mo diha, empa boikokobetso bo mo tlisetsa hlompho.


Ho tshaba batho ke ho itjhehela leraba, empa ya tshepang Morena o tla bolokeha.


“Eo le mo tshohang ke mang, eo le mo tshabang hakaale, ke mang, hoo le ileng la ntlhokela botshepehi, la ba la sitwa le ho nkgopola, kapa hona ho nnahana ka pelong tsa lona? Na hase hobane e le kgale ke kgutsitse, ha e le moo le se le sa ntshabe?


Pelo e tletse mano ho feta dintho tsohle, e senyehile hoo e ke keng ya phekolwa, ke mang ya ka e utlwisisang?


E mong wa ba nang le Jesu a phahamisa letsoho la hae, a hula sabole ya hae, a hlatha mohlanka wa Moprista e Moholo, a mo poma tsebe.


Empa hona hohle ho etsahetse hore se ngotsweng ke baporofeta se phethahale.” Jwale barutuwa bohle ba mo siya, ba baleha.


Petrose a mo latela a le sebakana ho ya fihla ha Moprista e Moholo, mme hoba a kene, a dula le bahlanka ho bona pheletso.


Petrose o ne a dutse kantle, lebaleng; lekgabunyane le leng la tla ho yena, la re: “Le wena o ne o ena le Jesu wa Galelea.”


Yare ha a etswa monyako, lekgabunyane le leng hape la mmona, la re ho ba neng ba le moo: “Enwa o ne a ena le Jesu wa Nasaretha.”


Empa a latola, a re: “Hela mosadi, ha ke mo tsebe!”


E, ho jwalo. A kgaotswe ka baka la ho se dumele, athe wena o hlomathetse ka baka la tumelo. O se ke wa ikakasa, o mpe o tshabe,


Ka baka leo, ya lekanyang hore o tsitsitse, a ele hloko, esere a wa.


Empa ha e le makwala, le ba sa tshepahaleng, le ba etsang tse manyala, le babolai, le difebe, le baloi, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba buang leshano, kabelo ya bona ke letsha le tukang mollo wa sebabole, ke hore lefu la bobedi.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos