Petrose a bua, a re ho yena: Leha bohle ba ka kgoptjwa ho wena, nna nke ke ka kgoptjwa le hanyenyane.
Mattheu 26:34 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a re ho yena: Kannete ke re ho wena: Ka bona bosiu bona, mokoko ha o eso ho lle, o tla be o se o ntatotse hararo. BIBELE Jesu a re ho yena: “Kannete ke a o bolella hore bosiung bona, etlare mokoko o eso lle, o tla be o ntatotse hararo.” Baasraak Sotho NT Jesu a re ho yena: Kannete ke re ho wena: Bosiung bona, pele mokoko o lla, o tla be o ntatotse hararo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a re ho yena: Kannete ke re ho wena: Bosiung bona, pele mokoko o lla, o tla be o ntatotse hararo. |
Petrose a bua, a re ho yena: Leha bohle ba ka kgoptjwa ho wena, nna nke ke ka kgoptjwa le hanyenyane.
Yaba Petrose o elellwa se boletsweng ke Jesu, kamoo a neng a itse ho yena kateng: Mokoko ha o eso ho lle, o tla be o se o ntatotse hararo. Yaba o tswela ntle, a lla habohloko.
Yaba mokoko o lla la bobedi. Jwale Petrose a elellwa seo Jesu a neng a mmoleletse sona, kamoo a neng a itse kateng: Mokoko ha o eso ho lle habedi, o tla be o se o ntatotse hararo. Mme a qala ho lla.
Empa Jesu a re: Petrose, ke a o bolella hoba mokoko o ke ke wa lla kajeno, o eso ho latole hararo hore o a ntseba.
Morena a reteleha, a sheba Petrose. Mme Petrose a elellwa polelo ya Morena kamoo a neng a mmolelete kateng, a re: Mokoko ha o eso ho lle, o tla be o se o ntatotse hararo.
Jesu a mo araba, a re: O re, o tla tela bophelo ba hao ka baka la ka na? Kannetenete ke re ho wena: Mokoko o eso ho lle, o tla be o se o ntatotse hararo.