Mattheu 26:33 - Sesotho 1909/1961 (SO) Petrose a bua, a re ho yena: Leha bohle ba ka kgoptjwa ho wena, nna nke ke ka kgoptjwa le hanyenyane. BIBELE Petrose a mo araba, a re: “Leha bohle ba ka o kwenehela, nna nke ke ka kweneha le kgale.” Baasraak Sotho NT Petrose a araba, a re ho yena: Leha bohle ba ka kgoptjwa ka baka la hao, nna nke ke ka kgoptjwa le ka mohla o le mong. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Petrose a araba, a re ho yena: Leha bohle ba ka kgoptjwa ka baka la hao, nna nke ke ka kgoptjwa le ka mohla o le mong. |
Jesu a re ho yena: Kannete ke re ho wena: Ka bona bosiu bona, mokoko ha o eso ho lle, o tla be o se o ntatotse hararo.
Yare hobane ba qete ho ya, Jesu a re ho Simone Petrose: Simone, mora Jona, a o nthata haholo ho fetisa bana na? A re ho yena: E, Morena, o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Alosa dikonyana tsa ka.
Le se ke la etsa letho ka kgang, leha e le ka boithoriso ba lefeela, empa e mong le e mong, ka boikokobetso, a lekanye hobane ba bang ba mo fetisa.