Eitse hobane a laele bongata ho dula hodima jwang, a nka mahobe a mahlano le dihlapi tse pedi, a lelala hodimo, a boka; a ntoo ngwatha mahobe, a a nea barutuwa ba hae, mme barutuwa ba a abela bongata.
Mattheu 26:26 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba re ba sa ja, Jesu a nka bohobe, mme eitse hobane a boke, a bo ngwatha, a bo nea barutuwa ba hae, a re ho bona; Nkang, le je; hona ke mmele wa ka. BIBELE Yare ha ba ntse ba eja, Jesu a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, mme a bo nea barutuwa ba hae, a re: “Nkang le je; hona ke mmele wa ka.” Baasraak Sotho NT Yare ba sa ntse ba eja, Jesu a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, a bo nea barutuwa ba hae, a re: Nkang, le je; sena ke mmele wa ka. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ba sa ntse ba eja, Jesu a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, a bo nea barutuwa ba hae, a re: Nkang, le je; sena ke mmele wa ka. |
Eitse hobane a laele bongata ho dula hodima jwang, a nka mahobe a mahlano le dihlapi tse pedi, a lelala hodimo, a boka; a ntoo ngwatha mahobe, a a nea barutuwa ba hae, mme barutuwa ba a abela bongata.
Jwale ha a nkile mahobe ao a mahlano le dihlapi tseo tse pedi, a lelala hodimo, a boka; a ntoo ngwatha mahobe, a nea barutuwa ba hae, hore ba abele batho, le dihlapi tse pedi a di arolela bohle.
Ba ne ba tiisetsa tempeleng ka matsatsi wohle, ba le pelo e le nngwe; enereha ba etswa tlung e nngwe, ba ne ba kena ho e nngwe, ba ntse ba ngwatha bohobe; ba ne ba eja dijo tsa bona ka thabo le ka dipelo tse monate,
Ka la pele la veke, eitse ha barutuwa ba phuthehile ho ngwatha bohobe, Pauluse ha a tla tsamaya hosasane, a buisana le bona, a isa halelele, ya ba ya eba bosiu bo boholo.
ba nwele bohle seno se le seng sa moya; hobane ba ne ba enwa metsi a lefika la moya le ba latelang, mme lefika leo e ne e le Kreste.