Ke tla bea hloyano mahareng a hao le mosadi, le mahareng a peo ya hao le peo ya hae; peo eo e tla o kgoba hlooho, mme o tla e loma serethe.
Mattheu 26:24 - Sesotho 1909/1961 (SO) Haele Mora motho, o ikela jwalokaha ho ngodilwe bakeng sa hae; empa ho madimabe motho eo Mora motho a ekang ke yena; ho ka be ho le molemo ho motho eo hola a sa ka a tswalwa. BIBELE Ha e le Mora Motho, o ikela jwalokaha ho ngotswe ka yena, empa ho madimabe motho eo Mora Motho a tla ekwa ke yena. Ho ka be ho bile molemo ho yena hoja a se ke a tswalwa.” Baasraak Sotho NT Mora Motho o ikela jwalokaha ho ngodilwe hodima hae; empa ho madimabe motho eo Mora motho a ekwang ke yena! Ho ka be ho bile molemo ho motho eo hoja a sa ka a tswalwa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mora Motho o ikela jwalokaha ho ngodilwe hodima hae; empa ho madimabe motho eo Mora motho a ekwang ke yena! Ho ka be ho bile molemo ho motho eo hoja a sa ka a tswalwa. |
Ke tla bea hloyano mahareng a hao le mosadi, le mahareng a peo ya hao le peo ya hae; peo eo e tla o kgoba hlooho, mme o tla e loma serethe.
Lefu a le ke le ba tshware sehloho, ba tle ba theohele nqalong ya bafu ba sa utlwa! hobane bolotsana bo matlung a bona, bo mahareng a bona.
Hobane wena, Modimo, o tla ba dihela tlasetlase sehokong; batho bao ba madi, ba tletseng mano, ba ke ke ba phela ho fihlela lehare la matsatsi a bona. Empa nna, ke beile tshepo ya ka ho wena.
Kamora diveke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi motlotsuwa o tla tloswa, ho se motho ya mo emelang; motse o tla senyeha le sehalalelo ke makgotla a morena e mong ya tla tla; bofelo ba wona e tla ba morwallo, mme dintwa di tla ba teng ho isa qetellong; ditshenyo tseo di se di laotswe.
Ke tla tshela moya wa mohau le wa merapelo hodima ntlo ya Juda le hodima baahi ba Jerusalema; mme ba tla tadima ho nna eo ba mo hlabileng. Ba tla mo llela, jwalokaha ho llelwa mora ya tswetsweng a nnotshi, ba hlomohe habohloko hodima hae, jwalokaha ho hlomohuwa hodima mora wa letsibolo.
Wena lerumo, tsohela modisa wa ka, e leng monna e leng mohaeso, ho bolela Jehova wa makgotla. Otla modisa, dinku di tle di qhalane; empa ke tla busa letsoho la ka hodima ba banyenyane.
Ho madimabe lefatshe ka baka la dikgopiso; hobane dikgopiso di tshwanetse ho ba teng; ho mpa ho madimabe motho eo kgopiso e hlahang ka yena.
Yaba Jesu o re ho bona: Bosiung bona le tla kgoptjwa bohle ho nna; hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ke tla otla modisa, mme dinku tsa mohlape di tla qhalana.
Empa ha nka etsa jwalo, Mangolo a ka phethahala jwang, a boletseng hore e ka kgona ho be jwalo?
Empa hoo hohle ho etsahetse, hore mangolo a baporofeta a phethahale. Jwale, barutuwa bohle ba mo tlohela, ba baleha.
Haele Mora Motho, o ikela jwalokaha ho ngodilwe bakeng sa hae; empa ho madimabe motho eo, eo Mora motho a ekwang ke yena! Ho ka be ho le molemo ho motho eo, hola a se ke a tswalwa.
A araba, a re ho bona: Efela Elia o tshwanetse ho tla pele, a lokise tsohle; mme ho ngodilwe jwang bakeng sa Mora motho hore e ka kgona a utlwiswe bohloko bo boholo, mme a nyediswe?
A ntoo re ho bona: Ho ne ho ngodilwe jwalo, mme ho ne ho tshwanela hore Kreste a utlwiswe bohloko, mme a tsohe bafung ka letsatsi la boraro;
Enere ha ke sa na le bona lefatsheng, ka nna ka ba boloka ka lebitso la hao. Ke sireleditse bao o nneileng bona, mme ha ho le a mong wa bona ya timetseng, haese mora timelo, hore Lengolo le etsahale.
Yaba ba bolellana, ba re: A re se ke ra e hahola, re mpe re e laole ka lotho, hore re tle re tsebe hobane e tla ba ya mang. Ya eba hore ho etsahale Lengolo le itseng: Ba arolelane diaparo tsa ka, mme ba laotse kobo ya ka ka lotho. Bahlabani ba fela ba etsa jwalo.
Taba tseo ha di fetile, Jesu, ka ho tseba hobane taba tsohle di se di phethehile, a re: Ke nyorilwe; e le hore Lengolo le phethehe.
o teletswe lefu ka morero o tiileng wa Modimo, le ka ho itsebela pele ha wona, mme le mo thakgisitse ka matsoho a bakgopo, le mmolaile.
Eitse hobane ba mmeele letsatsi, ba tla ho yena ba le bangata moo a dutseng teng, mme a ba bolella, a paka tsa mmuso wa Modimo ho bona, a leka ho ba kgodisa bakeng sa Jesu, a isa ka molao wa Moshe le baporofeta, a qala hosasa ho fihlela mantsiboya.
le ho etsa tsohle tseo letsoho la hao le thato ya hao e di laetseng pele hore di etsahale.
Hobane pele ho ntho tsohle, ke le neile seo le nna ke se amohetseng, ke ho re, Kreste o shwele ka baka la dibe tsa rona, kamoo Mangolo a bolelang kateng;