La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 25:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Jwale kahobane monyadi a diehile, ba otsela bohle, ba robala.

Ver Capítulo

BIBELE

Ka baka la ho dieha ha monyadi, bohle ba thibasela, ba robala.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Eitse ha monyadi a dieha, ba otsela bohle, ba robala.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Eitse ha monyadi a dieha, ba otsela bohle, ba robala.

Ver Capítulo



Mattheu 25:5
23 Referencias Cruzadas  

Bosiu ha ke le ditaong tsa me, ke batlile ya ratwang ke moya wa me; ka mmatla, empa ka mo hloka.


Ke ne ke robetse, empa pelo ya me e ne e fadimeha ... Ke lentswe la moratuwa wa me! o a kokota: Mpulele, ngwaneso, thatohatsi ya ka, leebakgorwana la ka, mohlweki wa ka! Hobane hlooho ya ka e tletse phoka, thitsane ya ka e kolobile ke marothodi a bosiu.


Ke hlobotse kobo ya ka; ke tla e apara jwang? ke hlatswitse maoto a ka; ke tla a silafatsa jwang?


hobane tshenolo eo e sa duletse nako ya teng, empa e tla itlhahanela qetellong, e ke ke ya thetsa. Ha e ka dieha, o e lebelle, hobane e tla etsahala ruri, e ke ke ya fela.


Empa ekare ha mohlanka eo a le kgopo, mme a ipolella pelong, a re: Morena ka o diehile ho fihla;


Tshiu tse ngata ha di fetile, morena wa bahlanka bao a fihla, mme a hlahloba ditaba le bona.


Empa ba bohlale ba nka ole dipitseng tsa bona, hammoho le dilampi tsa bona.


Yare bosiu bo boholo, ha etswa mohoo, ha thwe: Bonang, monyadi ke eo; tswang, le mo kgahlanyetse.


Mme ha a etla ho barutuwa ba hae, a ba fumana ba robetse; a re ho Petrose: Le sitilwe jwang ke ho fadimeha le nna hora e le nngwe na?


Ha a kgutlela ho bona, a ba fumana ba boetse ba robetse; hobane mahlo a bona a ne a le boima.


Batho bona ba ne ba ntse ba lebeletse Sakaria kantle, ba maketse ke ho dieha ha hae ka tempeleng.


Empa ekare ha mohlanka eo a ka bua pelong ya hae, a re: Morena wa ka o diehile ho tla; mme jwale a qala ho otla bahlanka ba batona le ba batshehadi, a eja, a enwa, a tahwa,


Ke a le bolella, o tla phakisa ho ba ahlolela. Leha ho le jwalo, etlare ha Mora motho a etla, na o tla fumana tumelo e le teng lefatsheng na?


Yaba o qala ho bolella batho setshwantsho sena: Motho wa horeng o ne a hlome tshimo ya merara; a e laeletsa balemi, a ntoo eta ka tshiu tse teletsana.


Le tiisetseng teng, kahobane re tseba dinako, hoba e se e le nako ya ho tsoha borokong; hobane haele kajeno, poloko e haufi le rona ho fetisa mohla re dumetseng.


Ke ka baka leo ho itsweng: Tsoha, wena morobadi, tloha hara bafu, mme Kreste o tla o bonesetsa.


Le tsohe masene, le fadimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lona, o ntse a dikadika jwaloka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang.


Feela, le nne le tiise seo le nang le sona, ke be ke fihle.