O rata ho loka, mme o hloile bokgopo. Ka baka leo, Modimo, Modimo wa hao, o o tlotsitse ka ole ya nyakallo ho fetisa balekane ba hao.
Mattheu 25:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ba bohlale ba nka ole dipitseng tsa bona, hammoho le dilampi tsa bona. BIBELE athe ba bohlale ba ile ba nka ole ka dipitsana le mabone a bona. Baasraak Sotho NT Empa ba bohlale ba nka ole ka dipitseng tsa bona, le mabone a bona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ba bohlale ba nka ole ka dipitseng tsa bona, le mabone a bona. |
O rata ho loka, mme o hloile bokgopo. Ka baka leo, Modimo, Modimo wa hao, o o tlotsitse ka ole ya nyakallo ho fetisa balekane ba hao.
Bonang, ke le roma le le jwaloka dinku hara diphiri; ka baka leo, le be bohlale jwaloka dinoha, mme le be ba se nang mano jwaloka maebanakgorwana.
Ka baka leo, e mong le e mong ya mamelang dipolelo tseo tsa ka, mme a etsa ka tsona, nka mo tshwantsha ka monna ya bohlale, ya hahileng ntlo ya hae letlapeng;
Hobane ya romilweng ke Modimo o bolela mantswe a Modimo, hobane Modimo ha o mo nee Moya ka tekanyo.
Empa lona, ha le nameng, le mpa le le moyeng, ha Moya wa Modimo o fela o ahile ka ho lona. Ekare ha motho a se na Moya wa Kreste, hase wa hae.
Haele lona, tlholo eo le e nkileng ho yena e dutse ho lona, mme ha le a tshwanela ho rutwa ke e mong; empa jwalokaha tlholo ya hae e le ruta tsohle, mme e le ya nnete, e se ya leshano, dulang ho yona, jwalokaha a le rutile.