La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 25:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Ke tshabile ke hona, mme ke ile ka pata talenta ya hao mobung; bona, e sa le ena ntho ya hao.

Ver Capítulo

BIBELE

ke ne ke tshaba, ka hona ka ya pata talenta ya hao mobung: Bona, seng sa hao e ntse e le sena!’

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Ka tshoha, ka ya, ka pata talenta ya hao mobung; bona, o na le ya hao.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Ka tshoha, ka ya, ka pata talenta ya hao mobung; bona, o na le ya hao.

Ver Capítulo



Mattheu 25:25
8 Referencias Cruzadas  

Sekgoba se re: Tau e rorang e teng tseleng, tau e bohale e mabaleng.


Na o tshabile mang, wa tshoha mang, ha o ikentse lehata, o sa ka wa nkgopola, o sa ka wa ntlhokomela na? Na ke hobane e le kgale ke kgutsitse, ha o sa ka wa ntshaba na?


Ya neilweng talenta e le nngwe le yena a tla, a re: Morena, ke o tsebile hobane o motho ya thata, ya kotulang moo o sa kang wa jala teng, mme o bokella moo o sa kang wa hasa peo teng.


Yaba morena wa hae o mo araba, a re: Mohlanka ya lonya, ya sebodu, o ne o tseba hobane ke kotula moo ke sa kang ka jala teng, mme ke bokella moo ke sa kang ka hasa peo teng.


Hobane ha le a ka la newa moya wa bohlanka, hore tshabo e boele e be teng, le mpa le neilwe Moya wa ba bewang bana, oo re bitsang Abba! Ntate! ka wona.


Empa ha e le ba boi, le ba sa dumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang medimo, le mahata kaofela, kabelo ya bona e ka letsheng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobedi.