Mattheu 25:23 - Sesotho 1909/1961 (SO) Morena wa hae a re ho yena: Ke hantle, mohlanka ya molemo, ya kgabane; o bile kgabane dinthong di se kae, jwale ke tla o bea hodima tse ngata; kena thabong ya morena wa hao. BIBELE “Monga hae a re ho yena: ‘Ke hantle, mohlanka ya kgabane, ya tshepahalang; o tshepahetse dinthong tse seng kae, ke tla o etsa modisa wa tse ngata. Kena, o thabe le monga hao!’ Baasraak Sotho NT Morena wa hae a re ho yena: O entse hantle, mohlanka ya molemo, ya tshepehang; o tshepehile dinthong tse seng kae, ke tla o bea hodima tse ngata: kena thabong ya morena wa hao. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Morena wa hae a re ho yena: O entse hantle, mohlanka ya molemo, ya tshepehang; o tshepehile dinthong tse seng kae, ke tla o bea hodima tse ngata: kena thabong ya morena wa hao. |
Ana ke mang mohlanka ya kgabane, ya bohlale, eo morena wa hae a mmeileng moalosi wa bahlanka ba hae ho ba nea dijo nakong ya teng?
Morena wa hae a re ho yena: Ke hantle, mohlanka ya molemo, ya kgabane; o bile kgabane dinthong di se kae, jwale ke tla o bea hodima tse ngata; kena thabong ya morena wa hao.
Ya leng kgabane ho tse nyenyane, le ho tse kgolo o tla ba kgabane; mme ya sa lokang ho tse nyenyane, a ke ke a loka le ho tse kgolo.