Mattheu 25:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa a ba araba, a re: Kannete ke re ho lona: Ha ke le tsebe. BIBELE “A ba araba, a re: ‘Ruri ke a le bolella, ha ke le tsebe.’ Baasraak Sotho NT Empa a araba, a re: Kannete ke re ho lona: Ha ke le tsebe. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa a araba, a re: Kannete ke re ho lona: Ha ke le tsebe. |
Wena ya mahlo a hlwekileng a tshabanang le bobe, ya sitwang ho tadima hloriso, o tadimelang bathetsi? O kgutsetsang, ha molotsana a metsa ya mo fetisang ka ho loka?
Lebelang ke hona; kahobane ha le tsebe letsatsi le hora eo Mora motho a tla tla ka yona.
Etlare monga ntlo ha a se a tsohile, mme a kwetse monyako, lona le tla qala ho ema kantle, le ho kokota monyako, le re: Morena, Morena, re bulele! Mme o tla araba, a re ho lona: Ha ke le tsebe moo le tswang teng.
Re a tseba hobane Modimo ha o utlwe baetsadibe; empa ekare ha e mong a hlonepha Modimo, a etsa thato ya wona, o ye o mo utlwe.
empa jwale, ha le tsebile Modimo, mme haholo ha le tsebilwe ke Modimo, ana le kgutlela jwang ditabeng tsa qalo, tse fokolang, tse fumanehileng, tseo le ratang le ka boela la tlangwa ke tsona?
Leha ho le jwalo, motheo wa Modimo o ntse o tiile, o na le tiiso e reng: Morena o tseba bao e leng ba hae. Hape e re: E mong le e mong ya rapelang Morena, a ke a tlohe bokgopong.