Mattheu 24:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le tla utlwa dintwa le medumo ya dintwa; le mpe le bone hore le se ke la tshoha; tseo tsohle e ka kgona di etsahale, empa le moo ha e eso ho be bona bofelo. BIBELE Le tla utlwa mekgosi ya dintwa le madume a dintwa. Hlokomelang, le se ke la tshoha. Hona eka kgona ho etsahale, empa ha e eso be bofelo. Baasraak Sotho NT Le tla utlwa dintwa le menyenyetsi ya dintwa, le hlokomele hore le se tshohe; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le tla utlwa dintwa le menyenyetsi ya dintwa, le hlokomele hore le se tshohe; |
Bonang, Modimo ke poloko ya ka, ke na le tshepo, nke ke ka tshaba letho; hobane Jehova, Jehova ke matla a ka le sefela sa ka; o ikentse Mmoloki wa ka.
Ere ho yena: O itebele, empa o itulele, pelo ya hao e se ke ya fokodiswa ke dirumula tseo tse pedi tse kubellang; se tshabe bohale bo tjhesang ba Retsine, le ba Siria, le ba mora Remalia.
Wena mora motho, porofeta, o re: Morena Jehova o bolela bakeng sa bana ba Ammone le bakeng sa dinyefolo tsa bona. Ere: Lerumo, lerumo le pshemotswe, le bentsheditswe ho bolaya, le ho qeta, le ho hadima.
Evangeli ena ya mmuso e tla bolelwa lefatsheng lohle, e tle e be bopaki ho ditjhaba tsohle; mme e tla ba hona bofelo bo hlahang.
Empa ha nka etsa jwalo, Mangolo a ka phethahala jwang, a boletseng hore e ka kgona ho be jwalo?
Mohla le utlwang dintwa le meferefere, le se ke la tshoha; hobane tseo di tshwanetse ho hlaha pele, empa le moo, bofelo bo ke ke ba hlaha kapele.
Hobane ke le bolella hore taba e ngodilweng e tshwanetse ho phethehala ho nna, e reng: O badilwe le bakgopo. Hobane ditaba tsa ka di ya ho feleng ha tsona.
Ke le siela kgotso; ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fang kateng. Dipelo tsa lona di se ferekane, mme di se tshohe.
Le se ke la phaka la sisinyeha pelong tsa lona, leha e le ho tshoha ke moya, mohlomong ke polelo, kapa ke lengolo leo ho thweng, le tswa ho rona, le ka reng: Letsatsi la Kreste le haufi.
Mme ha tswa pere e nngwe e kgunong, mme ya e kaletseng a fuwa matla a ho fedisa kgotso lefatsheng, hore batho ba bolayane, mme a newa lerumo le leholo.