Etlere ha ba le hlorisa motseng o mong, le balehele ho o mong; hobane kannete ke re ho lona: Mora motho o tla hlaha, le eso ho qete metse yohle ya Iseraele.
Mattheu 24:34 - Sesotho 1909/1961 (SO) Kannete ke re ho lona: Moloko wona o ke ke wa feta, tseo tsohle di eso ho etsahale. BIBELE Ruri ke a le bolella, moloko ona o ke ke wa fela tseo tsohle di eso etsahale. Baasraak Sotho NT Kannete ke re ho lona: Moloko ona o ke ke wa feta, tseo tsohle di eso ho etsahale. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Kannete ke re ho lona: Moloko ona o ke ke wa feta, tseo tsohle di eso ho etsahale. |
Etlere ha ba le hlorisa motseng o mong, le balehele ho o mong; hobane kannete ke re ho lona: Mora motho o tla hlaha, le eso ho qete metse yohle ya Iseraele.
Jwale o ye, o late meya e meng e supileng, e o fetisang ka bolotsana, mme e kene, e dule teng; mme taba tsa motho eo tsa ho fela di fetise tsa ho qala ka ho dula hampe. Moloko o lonya ona o tla hlahelwa ke taba e jwalo.
Kannete ke re ho lona: Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone Mora motho a etla mmusong wa hae.
hore madi a baporofeta bohle a tsholotsweng, haesale lefatshe le thewa, a batlwe ho moloko ona,