Haele Jonathane, mora Saule, mora hae e mong o ne a le teng, ya holofetseng maoto; o ne a le dilemo tse hlano mohla ho fihlang pehi ya kamoo Saule le Jonathane ba shwetseng kateng, Jisreele. Mopepi wa hae o ne a mo nkile, a baleha le yena; ka baka la ho potlaka, ha a baleha, ngwana a wa, a ba a holofala maoto; bitso la hae e ne e le Mefiboshethe.
Yaba Menaheme o tloha Thirtsa, a kena Thifsa, a bolaya bohle ba teng le ba mathoko wohle a teng; kahobane ba ne ba sa ka ba mmulela monyako, a ba bolaya ke hona; basadi bohle ba baimana a petsola dimpa tsa bona.
Samaria o tla kgalemelwa, hobane o ikgantshitse ho Modimo wa hae. Ba tla bolawa ke lerumo, masea a bona a pshatlwe, basadi ba bona ba emereng ba petsolwe.
Ba re ho yena: Na o utlwa seo bao ba se bolelang na? Jesu a re ho bona: E, na ha le eso ho ka le bala taba e reng: O tumisitse dithoko tsa hao ka melomo ya bana le ya ba anyang, na?