La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 22:43 - Sesotho 1909/1961 (SO)

A re ho bona: Ha ho le jwalo, na Davida ha a bolediswa ke Moya, o mmitsetsang morena wa hae, ha a re:

Ver Capítulo

BIBELE

A re ho bona: “Ke ka baka lang ha Davida, ka tataiso ya Moya, a mmitsa Morena, a re:

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

A re ho bona: Jwale, Davida o mmitsa Morena jwang ka moya, a re:

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

A re ho bona: Jwale, Davida o mmitsa Morena jwang ka moya, a re:

Ver Capítulo



Mattheu 22:43
10 Referencias Cruzadas  

Moya wa Jehova o bua ka nna, lentswe la hae le lelemeng la ka.


Athe yena Davida o boletse ka Moya o Halalelang, a re: Morena o itse ho Morena wa ka: Dula letsohong la ka le letona, ke be ke bee bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao.


Banna ba heso, ho ne ho tshwanela hore lengolo le etsahale, le porofetilweng ke Moya o Halalelang ka molomo wa Davida, le lekanyang Judase, eo e bileng motsamaisi wa ba tshwereng Jesu.


Ke moo ke le tsebisang hoba ha ho motho, ya buang ka Moya wa Modimo, ya ka bitsang Jesu anathema, mme ha ho e mong ya ka bitsang Jesu Morena, haese ka Moya o Halalelang.


Ka baka leo, jwalokaha Moya o Halalelang o bolela, o re: Kajeno, ha le utlwa lentswe la wona,


Hobane haesale, boporofeta ha bo a ka ba tliswa ke ho rata ha motho, empa ke ka tshusumetso ya Moya o Halalelang batho ba halalelang ba Modimo ba buileng.


Moya wa ka wa nkwa ka letsatsi la Morena, mme ka utlwa kamora ka lentswe le leholo le kang la terompeta, le re:


Yaba hang, ke nkwa ke Moya; mme, bonang, terone e ne e beilwe lehodimong, mme e mong o ne a dutse teroneng eo.