Bokang Jehova, lona mangeloi a hae, bahale ba matla, ba phethang lentswe la hae, ba mamelang molomo wa hae!
Mattheu 22:30 - Sesotho 1909/1961 (SO) hobane tsohong ya bafu, ha ho ka ke ha nyalwa, leha e le ho nyadiswa, empa batho ba tla ba jwaloka mangeloi a Modimo lehodimong. BIBELE hobane tsohong ya bafu batho ha ba nyalane, empa ba jwaloka mangeloi lehodimong. Baasraak Sotho NT Hobane tsohong ya bafu ha ba nyale, leha e le ho nyalwa, empa ba jwaloka mangeloi a lehodimong. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane tsohong ya bafu ha ba nyale, leha e le ho nyalwa, empa ba jwaloka mangeloi a lehodimong. |
Bokang Jehova, lona mangeloi a hae, bahale ba matla, ba phethang lentswe la hae, ba mamelang molomo wa hae!
Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ha o tsamaya ditseleng tsa ka, o boloka seo ke o tshepetseng sona, le wena o tla ahlolela ntlo ya ka, o lebele mabala a ka, mme ke tla o nea tokelo ya ho tsamaya hara ba emeng pela ka.
Mohlang oo, ba lokileng ba tla kganya jwaloka letsatsi mmusong wa Ntata bona. Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe.
Iponeleng, le se ke la nyedisa le a mong wa ba banyenyane bana; hobane ke re ho lona: Mahodimong, mangeloi a bona a tadima kamehla sefahleho sa Ntate ya mahodimong.
Haele ka tsoho ya bafu, na ha le a ka la bala hoo le ho boleletsweng ke Modimo, ha o re:
Hobane jwaloka mehleng e bileng teng pele ho morwallo wa metsi, ha batho ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ha ba ha fihla tsatsi leo Nowe a keneng arekeng ka lona;
Ho ne ho jewa, ho nowa, ho nyalwa, ho nyadiswa, ho fihlela letsatsi leo Nowe a ileng a kena arekeng ka lona, morwallo wa metsi wa ba wa fihla, wa ba timetsa kaofela.
Yaba ke wela maotong a lona ho le kgumamela. Empa la re ho nna: O se ke wa etsa hoo; hobane ke molekane wa hao wa tshebeletso, le wa banabeno ba ba nang le bopaki ba Jesu; kgumamela Modimo: hobane bopaki ba Jesu ke Moya wa boporofeta.