Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 17:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Ho ne ho jewa, ho nowa, ho nyalwa, ho nyadiswa, ho fihlela letsatsi leo Nowe a ileng a kena arekeng ka lona, morwallo wa metsi wa ba wa fihla, wa ba timetsa kaofela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 batho ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ho fihlela letsatsing leo Nowe a kenang ka arekeng ka lona, mme ho etla morallo, o ba timetsa bohle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

27 Ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ho fihlela letsatsi leo Nowe a keneng arekeng ka lona, mme morwallo wa tla, wa ba timetsa bohle.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ho fihlela letsatsi leo Nowe a keneng arekeng ka lona, mme morwallo wa tla, wa ba timetsa bohle.

Ver Capítulo Copiar




Luka 17:27
16 Referencias Cruzadas  

Tsohle tse phelang tse lefatsheng tsa fediswa, ho qala ka batho ho isa ho diphoofolo, le ho dihahabi, le ho dinonyana tsa lehodimo, tsohle tsa timetswa lefatsheng, ha sala Nowe feela, le tsohle tseo a neng a na le tsona arekeng.


Nowe a kena ka arekeng, a na le bara ba hae, le mosadi wa hae, le basadi ba bara ba hae le yena, ba tshaba metsi a morwallo.


Pelo ya ka e ferekane; letsoso le lebe le ntshwere; bosiu ba thabo ya ka bo fetohile bosiu ba tshoho.


Ka baka leo, tsietsi e tla o hlahela, eo o ke keng wa tseba ho e upa, bobe bo tla o wela hodimo, boo ho seng pheko eo o ka bo thibelang ka yona, le tshenyo eo o sa e tsebeng e tla tla hodima hao ka sehloho.


hobane tsohong ya bafu, ha ho ka ke ha nyalwa, leha e le ho nyadiswa, empa batho ba tla ba jwaloka mangeloi a Modimo lehodimong.


Jwalokaha ho ne ho etsahale mehleng ya Nowe, ho tla ba jwalo mehleng ya Mora motho.


Le hona ho tla ba jwalokaha ho kile ha etsahala mehleng ya Lota: Ho ne ho jewa, ho nowa, ho rekwa, ho rekiswa, ho lengwa, ho hahuwa matlo.


A mo isa, ba ba fihlela ba qhalane naheng yohle, ba eja, ba enwa, ba hobela, ba thabile ke kgapo yohle e kgolo eo ba e hapileng naheng ya Bafilesta le naheng ya Juda.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos