Mattheu 22:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) A re ho yena: Mokana ka, o kene jwang mona, o se na kobo ya bohadi na? Eo a hloka puo. BIBELE Ya re ho yena: ‘Motswalle, o kene jwang moo o se na seaparo sa mokete?’ Empa eo a kgutsa. Baasraak Sotho NT A re ho yena: Motswalle, o kene jwang mona o se na seaparo sa bohadi? Mme a hloka puo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re ho yena: Motswalle, o kene jwang mona o se na seaparo sa bohadi? Mme a hloka puo. |
O ka bolela jwang, wa re: Ha ke a ka ka itshilifatsa, ha ke a ka ka latela boBaale? Shadima tsela ya hao phuleng, o tle o itsebele seo o se entseng, wena sethole se lebelo sa kamele se mathang mane le mane!
Jwalokaha leshodu le hlabiswa dihlong ha le tshwarwa, ntlo ya Iseraele e tla hlabiswa dihlong jwalo, yona le marena a yona, le baholo ba yona, le baprista ba yona, le baporofeta ba yona;
A araba, a re ho e mong wa bona: Molekana ka, ha ke o je; ana ha o a dumellana le nna ka denare e le nngwe feela na?
Jesu a re ho yena: O tletseng mona, molekana ka? Jwale, ba atamela, ba isa matsoho ho Jesu, ba mo tshwara.
Hobane ke a le bolella, ke re: Ho loka ha lona ha ho sa fetise ha bangodi le ha bafarisi, le ke ke la kena mmusong wa mahodimo.
Jwale, re tseba hobane tsohle tse bolelwang ke molao, di bolellwa ba molaong; hore melomo yohle e tle e thijwe, mme batho bohle ba be molato pela Modimo.
Ka baka leo, le se ke la ahlola letho e eso ho be nako, le mpe le lebelle Morena a be a fihle, ya tlang ho hlahisetsa leseding tse patilweng tsa lefifi, le ho senola merero ya dipelo; mme ke moo Modimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.
O tla tiisa maoto a ba mo ratang, bakgopo bona ba tla kgutsiswa lefifing; hobane ha ho motho ya ka hlolang ka matla a hae.