A re ho molebedi wa diaparo: Ntshetsa bohle ba sebeletsang Baale diaparo. A ba ntshetsa diaparo.
Mattheu 22:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse morena ha a kena ho bona ba dutseng dijong, a bona motho ya sa aparang kobo ya bohadi. BIBELE “Kgosi ya kena ho tla bona bamemuwa, mme ya bona motho ya sa aparang seaparo sa mokete. Baasraak Sotho NT Yare ha morena a kena ho tla bona bamemuwa, a bona teng motho ya sa aparang seaparo sa mokete. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ha morena a kena ho tla bona bamemuwa, a bona teng motho ya sa aparang seaparo sa mokete. |
A re ho molebedi wa diaparo: Ntshetsa bohle ba sebeletsang Baale diaparo. A ba ntshetsa diaparo.
Tsoha, tsoha, o ikapese ka matla, wena Sione, o apare diaparo tsa hao tsa bokgabane, wena Jerusalema, motse o halalelang! Hobane ha ho leqai, leha e le ya ditshila ya sa tlang ho hlola a kena ho wena jwale.
Athe kaofela ha rona re fetohile ntho e ditshila, ho loka ha rona kaofela ho jwaloka kobo e ditshila haholo, re ponne kaofela jwaloka mahlaku, makgopo a rona a ya le rona jwaloka sefefo.
Nakong eo, ke tla batlisisa Jerusalema ka mabone, ke kgalemele banna bao ba hwamileng hodima ditshifa tsa bona, ba reng pelong tsa bona: Jehova ha a na ho etsa hantle, leha e le ho etsa hampe.
Di leseng tse pedi, di hole hammoho, ho be ho fihle kotulo; ke hona mohla ho kotulwang ke tla re ho bakotudi: Helang mofoka pele, le o tlame mangata, le o tjhese; le mpe le bokelle koro modikong wa ka.
Yaba bahlanka bao ba tswela ditseleng, ba bokella bohle bao ba ba fumanang, dikgwahlapa le dikgabane, mme ntlo ya bohadi ya tlala batho ba dulang dijong.
Seoloso sa hae se letsohong la hae; o tla fiela seotlo sa hae ruri, a bokelle koro ya hae modikong, mooko wona a o tjhese mollong o sa timeng.
Le mpe le ikapese ka Morena Jesu Kreste, mme le se ke la baballa nama ho e kgorisa ditakatsong tsa yona.
e leng ho loka ha Modimo ho bonwang ka tumelo ho Jesu Kreste, ho bang ho bohle, le hodima bohle ba dumelang; hobane ha ho hosele moo;
Ka baka leo, le se ke la ahlola letho e eso ho be nako, le mpe le lebelle Morena a be a fihle, ya tlang ho hlahisetsa leseding tse patilweng tsa lefifi, le ho senola merero ya dipelo; mme ke moo Modimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.
le ho apara motho e motjha, ya bopilweng ka setshwantsho sa Modimo, ho lokeng le kgalalelong ya nnete.
Bonang, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya lebelang, ya bolokang diaparo tsa hae, hore a tle a se ke a tsamaya a le feela, mme dihlong tsa hae di se ke tsa bonahala!
mme o neilwe ho ikapesa ka lene e ntle, e kganyang, e hlwekileng; hobane lene e ntle eo ke ho loka ha bahalaledi.
Ke tla bolaya bana ba hae ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo; mme ke tla putsa e mong le e mong wa lona ka ho lekanang mesebetsi ya hae.
ke a o eletsa hore o ithekele ho nna kgauta e hlwekisitsweng mollong, o tle o rue; le diaparo tse tsweu, o tle o apare, dihlong tsa bofeela ba hao di tle di se ke tsa bonahala; o ithekele le setlolo sa mahlo, ho a tlotsa ka sona, o tle o bone.