Yaba ba phakisa ba nka e mong le e mong kobo ya hae, ba di bea tlasa hae methating; ba letsa diterompeta, ba re: Jehu ke morena.
Mattheu 21:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bongata bo boholo ba ala diaparo tsa bona tseleng; mme ba bang ba rema makala a difate, ba a ala tseleng. BIBELE Letshwelehadi la batho la ala diaparo tsa lona tseleng, mme ba bang ba lona ba rema makala difateng, ba a ala ka tseleng. Baasraak Sotho NT Letshwelehadi la ala diaparo tsa lona tseleng; ba bang ba poma makala a difate, ba a ala tseleng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Letshwelehadi la ala diaparo tsa lona tseleng; ba bang ba poma makala a difate, ba a ala tseleng. |
Yaba ba phakisa ba nka e mong le e mong kobo ya hae, ba di bea tlasa hae methating; ba letsa diterompeta, ba re: Jehu ke morena.
Ka letsatsi la pele, le tla inkela ditholwana tsa difate tse ntle, le makala a dipalema, le mahlaku a matenya a difate le a meduwane ya noka, mme le tla ithabela pela Jehova, Modimo wa lona, ka matsatsi a supileng.
Ba tlisa esele le petsana ya yona, mme ba ala diaparo tsa bona hodima yona, mme Jesu a e kalla.
Ebile ba bangata ba ala dikobo tsa bona tseleng, ba bang ba rema makala difateng, mme ba a ala tseleng.
ba nka makala a difate tsa palema, mme ba tswela ho mo kgahlanyetsa, ba howa, ba re: Hosanna! ho bokwe morena wa Iseraele, ya tlang ka lebitso la Morena!